Haele bana ba Mokene, mohwehadi wa Moshe, ba ne ba tlohile motseng wa Dipalema, ba nyolohetse le bana ba Juda feelleng la Juda, le leng ka nqa borwa ho Arade; mme ba tla, ba aha le batho ba teng.
Saule a re ho Bakene: Tsamayang, le tlohe, le tswe hara Baamaleke, esere mohlomong ka le timetsa hammoho le bona, athe le ne le etse bana bohle ba Iseraele ka mohau, mohla ba tswang Egepeta. Kahoo, Bakene ba tloha ho Baamaleke.
Akishe a botsa, a re: Le be le futuhetse kae kajeno? Davida a re: Re tswa futihela nqa borwa ho Juda, le nqa borwa ho Bajerahemeele, le nqa borwa ho Bakene.