Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 30:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Davida a hapa le manku wohle, le makgomo, ba a kganna, ba a bea pele ho mehlape e meng, ba re: Ke yona kgapo ya Davida.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Bo-Davida ba sheshena mehlape yohle ya dikgutshwane le ya dikgomo tsa Baamaleke, ba e eteletsa kapele ho e neng e hapilwe, yaba ba ntse ba howa, ba re: “Ena ke kgapo ya Davida!”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:20
7 Referencias Cruzadas  

Hape, ba kena le masakeng a mehlape, ba hapa manku a mangata le dikamele; ba ntoo kgutlela Jerusalema.


Eitse ha Josafate le setjhaba sa hae ba tla ho hapa kgapo, ba fumana diphahlo tse ngata mahareng a ditopo le mesebetsi ya bohlokwa; ba ikgapela yona, ba ba ba sitwa ho e jara, ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba thotha thepa, hobane e ne e le kgolo.


Ka baka leo, ke tla mo fa kabelo ya hae hara ba baholo; o tla arolelana kgapo le bahale, hobane o neetse moya wa hae lefu, mme o badilwe le dihlola; o jere dibe tsa ba bangata, mme o tla rapella batlodi.


Tjhe! Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ya re ratileng.


Davida ha a kgutlela ho banna bao ba makgolo a mabedi ba sitilweng ke mokgathala ho sala Davida morao, e leng ba setseng molapong wa Besore, ba tswela ho kgahlanyetsa Davida le ho kgahlanyetsa setjhaba seo a nang le sona; mme Davida ha a ba atamela, a ba dumedisa.


Eitse ha Davida a fihlile Tsiklage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda le ho bahabo, a re: Ke yona kgapiso ya ka ho lona ya tse hapilweng ho dira tsa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos