Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 25:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hleka ke tla nka bohobe ba ka, le metsi a ka, le nama ya ka eo ke e hlabetseng bakuti ba ka, hore ke e nee banna bao ke sa tsebeng le moo ba tswang teng na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwale le re ke nke bohobe ba ka, le metsi a ka, le nama ya ka, eo ke e hlabetseng bakuti ba ka, ke di nee batho bao ke sa tsebeng le moo ba tswang teng?”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 25:11
16 Referencias Cruzadas  

leha ekaba ke jele bohobe ba ka ke nnotshi, ke sa ka ka bo ngwathela kgutsana;


jwaloka hoja re le bathetsi, athe re ba nnete; jwaloka hoja re le ba sa tsejweng, athe re a tsejwa; jwaloka hoja re a shwa, athe re a phela; jwaloka hoja re a lauwa, empa ha re bolawe;


Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.


Iponele, o tle o se ke wa re ka pelong ya hao: Ke ruile dintho tseo ka matla a ka, ka matla a matsoho a ka.


Le amohelane boeting le sa kganane.


A fihla ho batho ba Sukkothe, a re ho bona: Seba le Tsalmunna ke bana, bao le nkomantseng ka baka la bona, la re: Hleka diatla tsa Seba le tsa Tsalmunna di se di le letsohong la hao, ha o re, re nee banna ba hao ba kgathetseng bohobe na?


Baholo ba Sukkothe, ba re: Hleka diatla tsa Seba le Tsalmunna di se di le letsohong la hao, haele moo o re, re nee makgotla a hao bohobe?


Ha a tloha teng, a fihla Penuele, a bua le ba teng ka wona mokgwa oo, mme batho ba Penuele ba mo fetola jwalokaha batho ba Sukkothe ba ne ba mo fetotse.


Jwalokaha maele a baholo, a re: Ho bakgopo ho tswa bokgopo; ha ho le jwalo, letsoho la ka le ke ke la eba ho wena.


Ebile banna ba Davida ba boya ka tsela ya bona, ba kgutla, ba tla mo phetela mantswe ao wohle.


Bitso la monna eo e ne e le Nabale, bitso la mosadi wa hae e le Abigaile; e ne e le mosadi ya kelello e edileng, ya sebopeho se setle; monna wa hae yena o ne a le thata, a le mobe metsamaong ya hae; e ne e le wa mofuta wa Kalebe.


Ke tswa utlwa hobane o na le bakuti. Badisa ba hao ba nnile ba dula le rona, re sa ba tshwenye; ha ba ka ba timellwa ke letho ka tshiu tsohle tseo ba nnileng ba dula Karmele ka tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos