Jwale, ba tloha ho Kaiafa; ba isa Jesu kgotla; e ne e le kameso; empa bona ha ba ka ba kena kgotla ka sebele sa bona, hore ba tle ba se ke ba itshilafatsa, ba tle ba tsebe ho ja Paseka.
Morena o ne a dutse setulong sa hae sa mehla, e leng setulo se pela lebota, Jonathane yena a eme, Abnere a dutse mabapa le Saule; setulo sa Davida sona se ne se le feela.
Davida a re ho Jonathane: Bona, kgwedi e tla thwasa hosasane; ke ha ke tshwanetse ho dula dijong le morena; o ntumelle, ke ye, ke ipate naheng, ho isa mantsiboya a la boraro.