Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 15:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Samuele ha a ka a hlola a ya bona Saule ho isa ho shweng ha hae; leha ho le jwalo, Samuele a hlomohela Saule, kahobane Jehova a ne a swabile ke hoba a entse Saule morena wa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 Samuele a se ke a hlola a ya bona Saule, ho fihlela Saule a be a eshwa. Empa Samuele a llela Saule, mme Morena a swaba ha a ile a etsa hore Saule e be kgosi ya Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 15:35
10 Referencias Cruzadas  

Jehova a belaela ke hobane a entse motho lefatsheng, mme pelo ya hae ya eba ntsho.


Mikale, moradi wa Saule, ha a ka a tswala bana le ho isa tsatsing la ho shwa ha hae.


Diphororo tsa metsi di keleketla mahlong a ka, hobane ha ba boloke molao wa hao!


Ke nyonyiswa ke ba sa tshepehang, hobane ha ba boloke lentswe la hao.


Hobane ba bangata bao ke seng ke ba boletse ho lona hangata, le jwale ke sa ba bolela ka ho lla, ba tsamaya e le dira ho sefapano sa Kreste;


Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.


Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.


Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a nna a porofeta pontsheng ho Samuele, a dula fatshe a sa apara tsatsi leo lohle le bosiu bohle, ha ba ha thwe: Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios