Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 14:45 - Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Empa setjhaba sa re ho Saule: Hleka Jonathane a ka shwa, e le yena ya namoletseng Iseraele hakakalo na? Le ho leka! Ka Jehova ya phelang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba leha e le nngwe ya moriri wa hlooho ya hae, hobane kajeno o sebedisane le Modimo. Kahoo, setjhaba sa pholosa Jonathane, hore a se ke a shwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

45 Yaba setjhaba se re ho Saule: “Na Jonathane o tla bolawa, yena ya pholositseng setjhaba sa Iseraele hakaalekaale? Le ho ka! Re ikana ka Modimo ya phelang: Leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa hae e ke ke ya wela fatshe! Seo a se entseng kajeno, o se entse ka thuso ya Modimo.” Setjhaba sa lopolla Jonathane, a se ke a bolawa.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:45
22 Referencias Cruzadas  

Mosadi a re: Morena a ke a hopole Jehova, Modimo wa hae, hore mophetetsi wa madi a se ke a eketsa ho senya, ka ho timetsa mora ka! Davida a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba le e nngwe ya moriri wa mora hao.


Salomone a re: Ha a ka tsamaya jwaloka motho ya kgabane, ha ho qoba le e nngwe ya moriri wa hae e tla wela fatshe; empa ha ho ka fumanwa molato ho yena, o tla shwa.


Bonang, Amaria, moprista e moholo, e tla ba yena hlooho ya lona tabeng tsohle tsa Jehova; Sebadia, mora Ishmaele, hlooho ya ntlo ya Juda, yena e tla ba hlooho ya lona ditabeng tsohle tsa morena; hape Balevi e tla ba bahlahlobi pela lona. Ipheng matla, le etse, mme Jehova a be le motho ya etsang hantle.


Ka baka leo, wa nna wa ba neela matsohong a dira tsa bona, tsa nna tsa ba tshwenya; mehleng ya matshwenyeho a bona, ba nnile ba howeletsa ho wena; wena, wa ba utlwa o le mahodimong, mme mehauhelong ya hao e mengata wa ba nea banamoledi ba ba namolelang matsohong a dira tsa bona.


Ke laotse bakgethwa ba ka, ke bitsitse le bahale ba ka, ba tle ba etse phetetso ya ka, e leng ba thabelang boholo ba ka.


Esita le qoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela.


Empa qoba leha e le nngwe ya moriri wa dihlooho tsa lona, e ke ke ya timela.


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng ditjhaba monyako wa tumelo kateng.


Yaba phutheho kaofela e a kgutsa, e a mamela Barnabase le Pauluse, ha ba bolela kamoo Modimo o entseng mehlolo kateng, ka bona le meeka e mengata hara ditjhaba.


Eitse hobane a ba dumedise, a ba phetela ka hlomahanyo tsohle tseo Modimo o di entseng ditjhabeng ka tshebetso ya hae.


Ke a le kgothatsa, ke re, le je dijo; ke hona ho le tshwanelang hore le bolokehe; hobane ha ho le a mong ho lona ya tla lahlehelwa ke qoba leha e le nngwe ya moriri wa hlooho ya hae.


Hobane nka sitwa ho bolela letho leo Kreste a sa kang a le etsa ka nna, ho tlisa baditjhaba kutlong, ka dipolelo le ka mesebetsi,


Hobane re ba sebetsang le Modimo, mme lona, le boleme ba Modimo, le mohaho wa Modimo.


Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.


Ba tla lwantsha Konyana, empa Konyana e tla ba hlola, kahobane ke Morena wa marena, le Mmusi wa babusi, mme ba nang le yena ke ba bitsitsweng, le bakgethwa, le badumedi.


Makgotla a lehodimo a mo latela, a kaletse dipere tse tshweu, a apere lene e ntle e tshweu, e hlwekileng.


Saule a re: Ho ke ke ha bolawa motho tsatsing lena, hobane Jehova o lwetse Iseraele haholo kajeno.


Jehova a namolela Iseraele jwalo tsatsing leo; ntwa yona ya fetela pele, ho ya fihla Bethe-Avene.


Yaba Saule o kgutlela Bafilesta, mme Bafilesta ba ikela ha habo bona.


O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios