Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 14:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jwale, ha tsoha moferefere diahelong, le naheng, le hara setjhaba kaofela; mme ba qhobosheaneng le ba neng ba tswetse ho ya hapa ba tshona le bona, mme lefatshe la reketla, mme ya eba letsoso la Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Diahelong, le hara naha, le hara setjhaba sohle, ha thothomelwa; bahlabani ba laletseng, le batho ba tlilo senya, le bona ba thothomela. Lefatshe la reketla, mme batho ba kenwa ke tshabo e kgolo e bakwang ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:15
18 Referencias Cruzadas  

Yaba ba tloha; letsoso la Modimo la eba hodima metse e mabapa le bona, batho ba teng ba se ke ba phallela bara ba Jakobo.


Etlere ha o utlwa modumo wa diqi dintlheng tsa difate tsa monokotswai, o ke o ba nehelle; hobane etlaba Jehova o se a o eteletse pele, ho ya qhala makgotla a Bafilesta.


Matsoso a mo tshabisa ka nqa tsohle, a mo tshosa a mo phalletse.


Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, etswe Modimo o le hara moloko wa ba lokileng.


Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.


Yaba sefahleho sa morena se fetoha hang, mehopolo ya hae ya ferekanngwa; mesifa ya matheka a hae ya hlepha, mangwele a hae a otlana.


Le tla utlwa dintwa le medumo ya dintwa; le mpe le bone hore le se ke la tshoha; tseo tsohle e ka kgona di etsahale, empa le moo ha e eso ho be bona bofelo.


a re ho banna bao: Ke a tseba hobane Jehova o le neile lefatshe, mme letsoso la lona le re wetse hodimo, mme bohle ba ahileng lefatsheng lena, ba tepeletse pela lona.


Ba ema e mong le e mong bakeng sa hae, ba teetse diahelo hare, mme bohle ba diahelong ba qala ho titimela mane le mane, ba howa, ba baleha.


Ebile banna ba ratang ho hapa ba tswa diahelong tsa Bafilesta ka hlopha tse tharo, hlopha se seng sa ya ka tsela ya Ofra, sa ya naheng ya Shuale;


hlopha se seng sa nka tsela ya Bethe-Horone, mme se seng sehlopha sa nka tsela ya ho ya naheng e mabapa le sekgutlo sa Tseboime, pela nahathothe.


Mohlang oo, ba qhobosheaneng ya Bafilesta ba tswela lekgalong la Mikmashe.


Polao eo ya ho qala ya Jonathane, ba ena le lehlahana la hae, ya eba ya batho ba batlileng ba eba mashome a mabedi, ka sebaka se kang halofo ya tema ya naha.


Balebedi ba Saule ba neng ba le Gibea wa Benjamine, ha ba tadima, ba bona bongata bo fela, bo ntse bo eya bo qhalana.


Eitse ha Samuele a ntse a etsa setjheso, Bafilesta ba atamela ho lohlanya ntwa le Baiseraele. Yaba Jehova o dumisetsa Bafilesta diaduma tse tshabehang tsatsing leo, a ba ferekanya, ba ba ba baleha pela Baiseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos