Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane Salomone a phethe ho haha ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le tsohle tseo Salomone a lakaditseng ho di etsa,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha Solomone a se a qetile ho haha ntlo ya Morena, le ntlo ya kgosi, le tsohle, tseo a neng a rata ho di etsa,

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 9:1
18 Referencias Cruzadas  

Salomone a etsa setswalle le Faro, morena wa Egepeta; a nyala moradi wa Faro, a mo tlisa motseng wa Davida, ho fihlela a phetha ho haha ntlo ya hae, le ntlo ya Jehova, le lerako le teelang Jerusalema hare.


Motheo wa ntlo ya Jehova wa thewa ka selemo sa bone sa ho busa ha Salomone, ka kgwedi ya Sife;


Salomone a ikgahela le ntlo ya hae ka dilemo tse leshome le metso e meraro, mme a phetha ntlo ya hae yohle.


A haha ntlo ya Moru wa Lebanone; boholo ba yona e ne e le ditswe tse lekgolo, bophara e le ditswe tse mashome a mahlano, bophahamo e le ditswe tse mashome a mararo, e eme ka mathathamo a mane a ditshiya tsa kedare, tse kopantsweng kahodimo ka difate tsa kedare.


Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo morena Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa le mesebetsi e kgethetsweng Modimo ke ntatae Davida, e le silefera le kgauta le dipitsa, a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Jehova.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, Salomone a kgutlisa setjhaba; hobane ba hlohonolofatse morena, ba ikela hae tenteng tsa bona ka pelo tse thabileng, tse nyakaletseng ke molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Davida, mohlanka wa hae, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Dilemo tse mashome a mabedi tsa feta Salomone a hahile matlo ao a mabedi, ntlo ya Jehova le ntlo ya morena.


Jwale, kahobane Hirame, morena wa Tire, a ne a thusitse Salomone ka dikedare le ka dikiprese le ka kgauta, kahohle kamoo a lakaditseng kateng, morena Salomone a abela Hirame metse e mashome a mabedi naheng ya Galelea.


le metse yohle ya mediko ya Salomone, le metse ya makoloi, le metse ya bakalli, le tseo Salomone a ithatetseng ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle ya mmuso wa hae.


Salomone eitse hobane a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa tjhesa setjheso le mahlabelo; ntlo ya tlala kganya ya Jehova;


Salomone a phetha ntlo ya Jehova jwalo le ntlo ya morena; Salomone a phetha le tsohle tseo a neng a lakaditse ho di etsa tlung ya Jehova le tlung ya hae.


Kamora dilemo tse mashome a mabedi, tseo ka tsona Salomone a neng a ahile ntlo ya Jehova le ntlo ya hae,


a haha le Baalathe, le metse yohle ya mediko ya Salomone, le metse yohle ya makoloi, le metse ya bakalli, le tsohle tseo Salomone a ratileng ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle ya mmuso wa hae.


Tsohle tse neng di lakatswa ke mahlo a ka, ha ke a ka ka a tima tsona; ha ke a ka ka hanela pelo ya ka le thabo efe le efe; pelo ya ka ya nna ya thabela mosebetsi wohle wa ka; ke sona seo nkileng ka se rua mosebetsing wohle wa ka.


Yaba ke etsa mesebetsi e meholo; ka ikgahela matlo, ka itlhomela merara;


Se bonwang ka mahlo se molemo ho ena le se labalabelwang ke pelo. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos