Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mejaro e ne e le bolelele boo dintlha tsa mejaro di neng di bonahala sehalalelong se pela sehalaledisiso, e mpa e sa bonwe ke ba kantle; e sa le hona teng le kajeno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le sebakeng se seng, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 8:8
7 Referencias Cruzadas  

Hobane dikerubime di be di otlollela mapheo a tsona hodima sebaka sa areka, dikerubime di sireletsa areka le mejaro ya yona ka nqa kahodimo.


Mejaro e ne e le bolelele boo dintlha tsa mejaro di neng di bonahala arekeng, kapele ho sehalalelo, di mpa di sa bonwe ke ba kantle; areka e sa dutse jwalo le kajeno.


Jwale, a nka bopaki, a bo kenya arekeng; a kenya mejaro arekeng; a ntoo bea sekwahelo hodima areka.


Yaba balebedi ba nka ditjhelete, ba etsa kamoo ba laetsweng kateng; mme taba eo e tumile hara Bajuda ho fihlela kajeno.


Hape, Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi kahare ho Jordane, hona moo maoto a baprista ba jereng areka ya selekane a neng a eme teng; a sa le teng le kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos