Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A etsetsa terone eo a tla ahlolela ho yona mathule a bitswang mathule a kahlolo; a kata fatshe hohle ho wona ka kedare.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 A etsetsa terone ya hae lethule, e leng lethule la dinyewe, moo a tla ahlolela teng. Fatshe ho ne ho kokoteletswe mapolanka a kedare.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 7:7
8 Referencias Cruzadas  

Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.


O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?


Mathule a ka pele ho tempele, bolelele ba wona ya eba tswe tse mashome a mabedi, ho lekana le bophara ba ntlo, bophara ba wona e le ditswe tse leshome pela ntlo.


Hobane diterone di beilwe teng, e be ditulo tsa kahlolo, diterone tsa ntlo ya Davida!


Morena ya dutseng tulo ya kahlolo o fedisa bobe bohle ka mahlo a hae.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos