Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 5:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Bahlanka ba ka ba tla di lata Lebanone, ba di theosetse lewatleng; ke tla di bapisa hammoho, di iswe ka lewatle moo o tla laela, di lokollwe teng; o tla di lata, mme ha o file ba ntlo ya ka dijo, etlaba o phethile seo ke se lakatsang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Bahlanka ba ka ba tla di theola Lebanone, ba di ise lewatle, mme nna ke tla di tlamahanya, ke di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, di be di yo fihla moo o tla re di iswe teng. Ha di fihla teng di tla tlamollwa, ebe o a di thotha. Wena ha o ka fepa lelapa la ka, ke tla kgotsofala.”

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 5:9
14 Referencias Cruzadas  

bona, ke se ke entse kamoo o boletseng kateng. Bona, ke o nea pelo e kelello le kutlwisiso; le pele ha ho a ka ha eba le a mong ya kang wena, le morao ho ke ke ha hlaha le a mong ya kang wena.


Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata, jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, ba eja, ba enwa, ba nyakalla.


Ebile moo Hirame a neang Salomone dikedare le dikiprese, kamoo a ratang kateng.


Yaba Hirame o romela ho Salomone, a re: Ke utlwile kamoo o rometseng ho nna kateng; haele dikedare le dikiprese, ke tla o etsetsa kamoo o ratang kateng.


Hirame a romela bahlanka ba hae dikepeng tseo, e le ba tsebang ho tsamaya lewatleng ka dikepe, ba tle ba tlatse bahlanka ba Salomone.


Morena a etsa hore silefera le kgauta di tshwane le majwe Jerusalema, le dikedare hore li tshwane le disikomora tse dithoteng, ka bongata ba tsona.


rona, re tla rema difate tsa Lebanone, kahohle kamoo o ka di batlang kateng, re o isetse tsona ka lewatle, di kopantswe hammoho, re di fihlise Jafo; wena o tla di lata teng, o be o di nyolosetse Jerusalema.


Morena Salomone a feta marena wohle a lefatshe jwalo ka moeno le ka bohlale.


Yaba ba ntshetsa dibetli tsa majwe le tsa difate ditjhelete; ba nea Basidone le Batire dijo le dino le ole, ba re, ba ye ho lata difate tsa dikedare Lebanone, mme ba di tlise Jafo ka lewatle, kamoo ba dumeletsweng ke Siruse, morena wa Persia kateng.


Empa moya o teng ho motho, pudulo ya Ya matla wohle ke yona e neang motho kutlwisiso.


Ka ba ka re pelong ya ka: Bona, ke holetse hlalefong, ka tswela pele ho yona ho fetisa motho ofe le ofe ya bileng teng pele Jerusalema, mme pelo ya ka e bone hlalefo le tsebo e kgolo.


Le Bajuda le ba naha ya Iseraele ba ne ba hweba le wena le bona, ba ananya tsa hao ka koro ya Minnithe, le maqebekwane, le dinotshi, le ole, le balsame.


Heroda o ne a halefetse Batire le Basidone. Empa ba tla ho yena ba le lentswe le le leng, mme yare ha ba itlholetse Blaste, qhoku ya morena, ba kopa kgotso, kahobane naha ya bona e ne e sela ho ya morena.


Ntumelle hle ke fete, mme ke bone lefatshe le molemo, le mose wane ho Jordane, le thaba tseno tse molemo, le Lebanone!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos