Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse ha Hirame, morena wa Tire, a utlwa hoba Salomone o tlotsitswe ho ba morena tulong tsa ntatae, a romela bahlanka ba hae ho yena; etswe Hirame a ne a ratile Davida le mehla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Hoba Hirame, kgosi ya Tire, a utlwe hore Solomone o tlotseditswe ho ba kgosi sebakeng sa ntatae, a roma bahlanka ba hae ho Solomone, hobane yena le Davida e ne e le metswalle ka nako yohle ya ho phela ha Davida.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 5:1
24 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


Le yena Hirame, morena wa Tire, a romela Davida manqosa, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa difate, le dibetli tsa majwe; tsa hahela Davida ntlo.


Yaba Thoi o romela mora hae Jorame ho morena Davida, ho ya mo dumedisa le ho mo leboha kamoo a lwantshitseng Hadadesere kateng, a bileng a mo hlotse, hobane Hadadesere o ne a lwantsha Thoi. Jorame a tlisa mesebetsi ya silefera, le ya kgauta, le mesebetsi ya koporo.


E mong le e mong o ne a tlisa mpho ya hae ya dipitsa tsa silefera, le dipitsa tsa kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le diesele. E bile taba tsa lemo se seng le se seng.


Ebile moo Hirame a neang Salomone dikedare le dikiprese, kamoo a ratang kateng.


Yaba morena Salomone o kgetha banna hara Baiseraele bohle; ha kgethwa banna ba dikete tse mashome a mararo.


Hirame, morena wa Tire, a romela manqosa ho Davida, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa majwe, le dibetli tsa difate, ho mo hahela ntlo;


Esita le Bafilesta ba bang ba tlisetsa Josafate dinyehelo le ditjhelete tsa lekgetho; le Baarabe ba mo tlisetsa dinku, e le dipheleu tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng le diphooko tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng.


Hape, Salomone a romela ho Hurame, morena wa Tire, a re: Nketsetse kamoo o etseditseng ntate Davida kateng, eo o kileng wa mo romela dikedare tsa ho ikgahela ntlo ya ho dula ho yona.


O ne a rena hodima marena wohle, ho tloha nokeng ya Eufrate, ho tla fihla naheng ya Bafilesta le ho isa moeding wa Egepeta.


hape, Jerusalema ke motse o nnileng wa buswa ke marena a matla a neng a busa naha yohle e mose wane ho noka, ao lekgetho le sethabathaba le kabelo di neng di ntshetswa wona.


Moradi wa Tire o tla o nyehela, ba baholo hara setjhaba ba o ananele.


O tla busa ho nka lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho nka nokeng ho isa dipheletsong tsa lefatshe.


Na o rapalaleditseng metero ya wona, o tle o kotulwe ke bafeti kaofela?


Hobane ke fela ke tla falatsa ditjhaba pela hao, ke atolose meedi ya hao, mme ha ho motho ya tla lakatsa fatshe la heno, mohla o nyolohang hararo ka selemo, ho ya hlaha pela Jehova, Modimo wa hao.


Boporofeta hodima Tire: Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe, hobane o senyehile; matlo ha a sa le yo, ha ho sa le moo ho kenwang teng; ba utlwile taba eo e etswa naheng ya Kittime.


o ne o ena le makala a matla, ya eba mare a borena. O ne o phahame mahareng a dintlha tsa difate tse mahlaku, o ntse o bonahala ka ho phahama ha wona, le ka bongata ba makala a wona.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;


Metsi a kgaphatseha dinkgong tsa hae; peo ya hae e nontshwa ke metsi a mangata. Morena hae o feta Agage, le mmuso wa hae o a phahama.


hobane o rata setjhaba sa rona, e bile ke yena ya re hahetseng sinagoge.


mme ekare ha batho ba motse ba o nea karabo ya kgotso, mme ba o bulela dikgoro tsa wona, batho bohle ba wona ba tla o ntshetsa lekgetho, ba o sebeletse.


Haele bara ba bang ba Beliale, ba re: Motho eo a ka re namolela jwang? Ba mo nyedisa ke hona, ba se ke ba mo isetsa dinyehelo; a mpa a se ke a re letho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos