Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke Bene-Abinadabe, sehlabeng sohle sa Dore; mosadi wa hae e ne e le Thafathe, moradi wa Salomone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 mora wa Abinadabe, ya neng a nyetse Tafate, moradi wa Solomone, a okametse ditereke tsohle tsa Dore.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 4:11
9 Referencias Cruzadas  

le Akimaatse, naheng ya Nefthali; le yena o ne a nyetse Basmathe, moradi wa Salomone.


Jabine, morena wa Hatsore, ha a utlwa tseo, a romela ho Jobabe, morena wa Madone, le ho morena wa Shimrone, le ho morena wa Aksafe,


le ho marena a ka nqa leboya dithabeng, le mahwatateng ka nqa borwa ho Kinnerethe, le dikgutlong, le maralleng a Dore ka nqa bophirimatsatsi,


e mong, ke morena wa Dore, naheng ya Dore; e mong hape, ke morena wa Gojime, pela Gilgale;


Fatsheng la Issaskare le la Asere, Manasse a newa Bethe-Sheane le metse ya teng, le Jibleame le metse ya teng, le ba ahileng Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Ene-Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Thaanake le metseng ya teng, le ba ahileng Megiddo le metseng ya teng, le diqepho tse tharo.


Manasse yena ha a ka a leleka batho ba Bethe-Sheane le ba metse ya teng, leha e le ba Thaanake le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Dore le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Jibleame le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Meggido le ba metse ya teng; Bakanana ba mpa ba hanella naheng eo.


Ha ba fihla, a bona Eliabe, a re: Ruri, motlotsuwa wa Jehova o pela hae.


Jese a bitsa Abinadabe, a mo fetisa pela Samuele. Samuele a re: Le enwa Jehova ha a mo kgethe.


Jese a fetisa le Shamma; Samuele a re: Le enwa Jehova ha a mo kgethe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios