A tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, kamoo ntlo ya Akabe e entseng kateng, hobane a ne a nyetse moradi wa Akabe; a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.
Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, a utlwiswe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangodi, mme a bolawe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.