Yaba o re: Nke ke ka ba ka etsa taba eo! Motho eo senwelo se fumanweng ho yena, ke yena ya tlang ho ba lekgoba la ka, empa lona, ikeleng ka kgotso ho ntata lona.
a re: Ka Modimo wa ka, ha nka ke ka etsa hoo. Na ke be nka nwa madi a banna bao ba ileng ba tetse bophelo ba bona na? Hobane ba a tlisitse, ba sa re letho ka bophelo ba bona, A hana ho a nwa ke hona. Hoo ha etswa ke dinatla tseo tse tharo.
Morena a se ke a nka letho mafeng a setjhaba, ka ho ba leleka ho tseo ba di ruileng. O tla nka tseo a di ruileng ho etsa lefa la bara ba hae, hore bo se ke ha eba motho setjhabeng sa ka ya lelekwang ho tseo a di ruileng.
Hobane ha ho lefa leha le le leng hara mafa a bana ba Iseraele, le tla tswa lelokong le leng le tle le fetele ho le leng, empa bana ba Iseraele ba tla kgomarela e mong le e mong lefa la leloko la bontatae.
Ha ho lefa le tla tswa lelokong le leng le tle le fetele lelokong le leng, empa leloko le leng le le leng ho meloko yohle ya bana ba Iseraele le tla kgomarela lefa la lona.
Ho se be jwalo! Nnete e be ya Modimo, mme batho bohle ba be leshano, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O tle o fumanwe o lokile dipolelong tsa hao, mme o tle o hlole mohla o ahlolwang.
Hleka se leng molemo se mphetohetse lefu na? Ho se ke ha thualo! Empa sebe se mpolaile ka ntho e molemo, hore se tle se bonahale hoba ke sebe, le hore sebe se hlahise bobe ba sona ka ho fetisisa ka baka la taelo.
Ana jwale re tla reng? A molao ke sebe na? Ho se ke ha thualo! Feela, hojane e se be ka molao, nka be ke sa tsebe sebe; hobane nka be ke sa ka ka tseba seo takatso e leng sona, hola molao o se ke wa re: O se ke wa lakatsa.
Haele nna, ho ithorisa ho be hole le nna, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka yena lefatshe le thakisitsweng ka nqeng ya ka, le nna ke thakigisitsweng ka nqeng ya lefatshe.
Ho se ke ha bolelwa hore re ka fetohela Jehova, le ho furalla Jehova kajeno ka ho haha aletare ya ditjheso, le ya dinyehelo, le ya mahlabelo, esele ho aletare ya Jehova, Modimo wa rona, e pela tabernakele ya hae!
A re ho banna ba hae: Jehova a nkganele, ke se ke ka etsa taba e jwalo ho monga ka, motlotsuwa wa Jehova, ka isa letsoho la ka ho yena, etswe e le motlotsuwa wa Jehova.