Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 21:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Akabe a botsa Nabothe, a re: Nnee tshimo ya hao ya merara, ke e etse tshimo ya meroho, hobane e haufi le ntlo ya ka; bakeng sa yona ke tla o nea tshimo ya merara e e fetisang; kapa ha o rata, ke tla o nea tjhelete e lekaneng ho e reka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Akabe a re ho Nabote: “Kaha tshimo ya hao ya morara e le haufi le ntlo ya ka, mphe yona, ke tle ke leme meroho ho yona. Ke tla o nea e mobu o motle ho feta eo; kapa haeba o rata, ke tla e reka ka tjhelete e e lokelang.”

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 21:2
18 Referencias Cruzadas  

Abrame a re ho Sarai: Bona, lekgabunyane la hao ke lena, le diatleng tsa hao, o le etse kamoo o ratang kateng. Yaba Sarai o a le hlorisa, la ba la mo balehela.


Mosadi eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jewa, mme se kgahlisa mahlo, mme se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka ditholwana tsa sona, a di ja, mme a nea monna wa hae ya neng a na le yena, mme le yena a ja.


Nabothe a re ho Akabe: Ka Jehova, ha nka ke ka o nea lefa la bontate.


A re ho yena: Ke kahobane ke buile le Nabothe wa Jisreele, ka re ho yena: Nnee tshimo ya hao ya merara, ke e reke ka tjhelete, kapa ha o rata, ke tla o nea tshimo e nngwe ya merara bakeng sa yona; o mpa a itse ho nna: Nke ke ka o nea tshimo ya ka ya merara.


Eitse Akasia, morena wa Juda, ha a bona hoo, a baleha ka tsela e yang tlung e ka tshimong. Jehu a mo phallela, a re: Le yena le mmolaele koloing. Ba mo hlabela moepeng wa Gure, o pela Jibleame; a ba a balehela Megiddo, a shwela teng.


O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno; o se ke wa lakatsa mosadi wa hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.


ka iketsetsa masimo le dirapa tsa difate, ho tsona ka lema difate tse behang ditholwana tsa mefutafuta;


O mohlodi wa dirapa, sediba se metsi a kwellang, melapo e phallang e tswang Lebanone.


Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.


A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.


Hobane naha eo o yang ho kena ho yona ho e rua, hase naha e tshwanang le ya Egepeta, eo le tswileng ho yona, moo o neng o jala peo ya hao, le moo o neng o nosetsa masimo a hao ka maoto a hao, jwalokaha ho nosetswa tshimo ya meroho.


U se ke wa lakatsa mosadi wa wa heno; o se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno, leha e le tshimo ya hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, kapa e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.


Empa ba ratang ho rua, ba wela melekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata, tse sa utlwahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.


Ebile Akishe o bitsa Davida, a re ho yena: Ka Jehova ya utlwang, o bile motho ya lokileng; ke rata ha ke o bona o kena le ho tswa le nna diahelong, hobane ha ke eso ho fihlele molato ho wena, haesale o etla ho nna, ho fihlela la kajeno; empa marena ha a o rate.


O tla nka le masimo a lona, le merara ya lona, le mehlwaare ya lona e metle, a e nee bahlanka ba hae.


Taba ena ya mpa ya swabisa Samuele kamoo ba buang, kateng, ba reng: Re beele morena, hore a re ahlolele. Mme Samuele a rapela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios