Jwale ke re: Ako hlohonolofatse ntlo ya mohlanka wa hao, hore e nne e hlole e be teng pontsheng ho wena ka ho sa feleng, etswe e le wena Morena Jehova o buileng; ntlo ya mohlanka wa hao e nne e hlohonolofatswe ka hlohonolofatso ya hao ka ho sa feleng.
Eya, o kene ka ho morena Davida, o mmolelle, o re: Oho morena, monga ka, na ha o a ka wa hlapanyetsa lekgabunyane la hao, wa re: Salomone, mora hao, o tla busa kamora ka, a dule teroneng ya ka na? Ho ya kang, ha Adonija e le morena?
kajeno ke tla etsa kamoo ke o hlapanyeditseng kateng ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ka re: Kannete, Salomone mora hao e tla ba morena kamora ka, a dule teroneng ya ka tulong tsa ka.