Davida a aha qhobosheaneng, mme a e rea lebitso la motse wa Davida. Davida a haha le lerako le teelang qhobosheane hare, le tlohang Millo, ho ya fihla hare.
Hadade, ha a utlwa, a le Egepeta, hobane Davida o orohetse ho bontatae, le hobane Joabe, molaodi wa makgotla, o faletse, a re ho Faro: Mphe tsela, ke boele naheng ya heso.
Roboame a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida; lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone. Abijame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
Salomone a etsa setswalle le Faro, morena wa Egepeta; a nyala moradi wa Faro, a mo tlisa motseng wa Davida, ho fihlela a phetha ho haha ntlo ya hae, le ntlo ya Jehova, le lerako le teelang Jerusalema hare.
Yaba morena Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova motseng wa Davida, Sione.
Banna ba heso, ha nke ke le bolelle phatlalatsa hore mopatriareka Davida o ne a shwe, a ba a patwa; mme lebitla la hae le sa ntse le le teng hara rona ho fihela letsatsi la kajeno.