Baesha, mora Akija, a qala ho busa Baiseraele bohle, a le Thirtsa, ka selemo sa boraro sa Asa, morena wa Juda, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mene.
Lentswe la Jehova la tla jwalo ka moporofeta Jehu, mora Hanani, hodima Baesha le ntlo ya hae, ka baka la bobe boo a bo entseng mahlong a Jehova, kamoo a kileng a mo halefisa kateng ka mesebetsi ya matsoho a hae, a le jwaloka ba ntlo ya Jeroboame, a mo halefisitse le ka ho e timetsa.
Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.
Jehu, mora Hanani, seboni, a ya mo kgahlanyetsa, a re ho morena Josafate: Na ke tshwanelo hore o thuse e mobe, mme o rate ba hloileng Jehova na? Jehova o o halefetse ka baka la tseo.
Haele ditaba tse ding tsa Josafate, tsa ho qala le tsa ho qetela, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Jehu, mora Hanani, e neng e kenngwe bukeng ya marena a Iseraele.
O etsa mohau ho isa melokong e sekete, o busetsa bokgopo ba bontata bana sefubeng sa bana ba bona ba ba hlahlamang. Ke wena Modimo o moholo, o matla, oo lebitso la wona e leng Jehova wa makgotla.