Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 le dijo tsa tafole ya hae, le ditulo tsa bahlanka ba hae, le dikabelo tsa matona a hae, le diaparo tsa wona, le baqhatsetsi ba hae, le methathinyana eo a nyolohelang tlung ya Jehova ka yona, a shwa pelo,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 10:5
12 Referencias Cruzadas  

Eitse mofumahadi wa Sheba ha a bona bohlale bohle ba Salomone, le ntlo eo a e hahileng,


a re ho morena: Seo ke neng ke se utlwile naheng ya ka sa taba tsa hao le bohlale ba hao, e ne e le nnete.


Le mathule a kwahetsweng a Sabatha a hahilweng ka tlung, le monyako wa morena o kantle, a di fetola ka tlung ya Jehova, ka baka la morena wa Assiria.


Shuppime le Hosa ba newa ka nqa bophirimela, hammoho le monyako wa Shallekethe, moepeng; balebedi ba bang ba ne ba le malokana le ba bang.


ho fihlela jwale, o ne a lebeletse monyako wa morena ka nqa botjhabela; e be e le bona balebedi ba menyako dihlopheng tsa bara ba Levi.


Ha a tadima, a bona morena, a ema pela tshiya ya hae, monyako, le mahosana le ba letsang diterompeta ba eme pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, ho letswa diterompeta, mme dibini di tsamaisa dithoko ka diletsa. Yaba Athalia o hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!


le dijo tsa tafole ya hae, le ditulo tsa bahlanka ba hae, le dikabelo tsa tsebeletso ya bahlanka ba hae, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae le diaparo tsa bona, le methatinyana ya hae eo ho neng ho nyolohelwa tlung ya Jehova ka yona, a shwa pelo,


Haele morena, morena yena o tla dula teng ho jela bohobe teng pela sefahleho sa Jehova. O tla kena ka tsela ya mathule a monyako, a boele a tswe ka tsela yona eo.


Morena o tla tla ka tsela ya mathule a monyako, ka nqa kantle, a eme pela dikosene tsa monyako; baprista ba tla hlaba setjheso sa hae le mahlabelo a hae a teboho; o tla kgumama mohatong wa monyako, a ntoo tswela ntle; mme monyako o se ke wa kwalwa ho isa mantsiboya.


Batho ba babedi ba ne ba nyolohetse tempeleng ho ya rapela, e mong e le mofarisi, e mong e le molekgetho.


Empa marena wohle a Baamore, a leng ka nqa bophirimela ho Jordane, le marena wohle a Bakanana, a pela lewatle, ha a utlwa kamoo Jehova a pshesitseng metsi a Jordane kateng, pela bana ba Iseraele, ba ba ba tshela, a nyahama dipelo, mme a fela matla ke ho tshaba bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos