Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 1:44 - Sesotho 1909/1961 (SO)

44 morena o romile le yena moprista Tsadoke, le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada, le Bakerethe le Bapelethe, mme ba mo kallisitse esele ya morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

44 Kgosi e ile ya laela bomoprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, hore ba tsamaye le yena. Ba ile ba mo qhanehela mmeile wa kgosi.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 1:44
10 Referencias Cruzadas  

Bara ba Tsibeone ke bana: Aja, le Ana, ke yena Ana ya boneng didiba tse futhumetseng, lefeelleng, ha a ntse a disa diesele tsa Tsibeone, ntatae.


Ha ho le jwalo, banna ba Joabe ba ya le yena, hammoho le Bakerethe le Bapelethe, le bahale bohle, ba tloha Jerusalema ho phallela Sheba, mora Bikri.


Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bana ba Davida bona e ne e le matona a morena.


Morena a ba bolella, a re: Nkang bahlanka ba mong a lona, le kallise Salomone, mora ka, esele ya ka; le mo theosetse Gihone;


Jonathane a araba Adonija, a re: Morena Davida, monga rona, o beile Salomone morena;


Moprista Tsadoke le moporofeta Nathane ba mo tlotsitse Gihone hore e be morena, mme ba kgutlile teng ba thabile, motse wa ba wa dumaela ke hona; ke lona lerata leo le le utlwileng;


Eitse Davida ha a se a kene tlung ya hae, Davida a re ho moporofeta Nathane: Bona hle, nna ke ahile tlung ya dikedare, athe areka ya selekane sa Modimo e dutse tlasa masela.


Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bara ba Davida bona e ne e le ba kapele ho ba bang pela morena.


Akitube a tswala Tsadoke, Tsadoke a tswala Akimaatse,


Re kile ra futuhela nqa borwa ho Bakerethe le ho Juda, le nqa borwa ho Kalebe, re bile re tjhesitse le Tsiklage.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios