A mo araba, a re: Monga ka, o ne o hlapanye ka Jehova, Modimo wa hao, wa re ho nna lekgabunyane la hao: Salomone, mora wa hao, o tla busa kamora ka, a dule teroneng ya ka.
Teng, morena a pheta a re ho Esthere, e le ka tsatsi la bobedi, ha ho nowa veine: O kopa eng, mofumahadi Esthere? O tla e newa. O qosa eng? Le hoja e ka ba karolo ya bobedi ya mmuso, ho tla etswa jwalo.
Jesu a re ho yena: O batlang? Eo a mmolella, a re: Ako re, bara bana ba ka ba babedi ba dule mmusong wa hao, e mong letsohong la hao le letona, e mong ho le letshehadi.
Eitse hobane mohlankana a tsamaye, Davida a hlaha nqa borwa, a itihela fatshe ka sefahleho, a inama hararo, mme ba akana, ba lla haholo; haholo ha lla Davida.
Kamorao, le yena Davida a tsoha, a tswa lehaheng, a howeletsa Saule, a re: Morena, monga ka! Saule ha a reteleha, a bona Davida a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.