Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Dikronike 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mora wa Karmi ke Akare, moferekanyi wa Iseraele ya kileng a tlola molao wa ntho tse neetsweng anathema.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Bara ba Karimi ke Akare, ya ileng a kenya Baiseraele tshotso dinaleng, ka ho inkela dintho tse rohakehileng.

Ver Capítulo Copiar




1 Dikronike 2:7
10 Referencias Cruzadas  

Bara ba Sera ke Simri, Ethane, Hemane, Kalkole, le Dara; kaofela ha bona ba bahlano.


Mora wa Ethane ke Asaria.


Bara ba Juda ke Peretse, Hetsrone, Karmi, Hure, le Shobale.


Ho ke ke ha eba letho la tse neetsweng anathema le kgomarelang matsoho a hao, hore Jehova a kgutle pefong ya bohale ba hae, mme a o hauhele, a o rekolohele, mme a o atise jwalokaha a anetse bontatao,


O se ke wa kenya ntho e manyala tlung ya hao, esere mohlomong wa neelwa anathema jwaloka ntho eo; e tshabe haholo, mme o e ile haholo, hobane ke anathema.


Hleka Akane, mora Sera, ha a ka a tlola molao wa tse entsweng anathema, mme phutheho kaofela ya Iseraele ya halefelwa na? Hape, le motho eo ha a ka a timela a nnotshi bokgopong ba hae.


Haele lona, le fele le tshabe dintho tse entsweng anathema, esere mohlomong la nka ntho tse entsweng anathema, la etsa diahelo tsa Iseraele anathema, mme la di senya.


Joshua a re: O re ferekanyeditseng? Jehova o tla o ferekanya le wena kajeno. Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, ba ba tjhesa, ba ba ba ba tlepetsa ka majwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios