Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Dikronike 10:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Eitse banna bohle ba Iseraele ba ahileng kgohlong, ha ba bona hoba ho balehilwe, le hoba Saule le bara ba hae ba shwele, ba furalla metse ya bona, ba baleha. Mme Bafilesta ba fihla, ba aha ho yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ha Baiseraele bohle ba neng ba le ka kgohlong ba bona hore bahlabani ba a baleha, le hore Saule le bara ba hae ba se ba bolailwe, ba siya metse ya bona, ba baleha. Yaba Bafilesita ba a tla, ba ikgahela ho yona.

Ver Capítulo Copiar




1 Dikronike 10:7
9 Referencias Cruzadas  

Ha eshwa jwalo Saule le bara ba hae ba le bararo; ntlo ya hae kaofela ya eshwa hammoho.


Hosasane, ha Bafilesta ba tlile ho hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba wele thabeng ya Gilbowa.


Ke tla senya metse ya lona, ke e etse dithako; ke tla sohlokanya dihalalelo tsa lona, mme ha ke sa tla hlola ke fofonela dibano tsa lona tse monko o monate.


Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.


Dijo tsa lefatshe la hao, le tsohle tsa ho sebetsa ha hao, di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng; mme o tla hloriswa, o hatakelwe ka matsatsi wohle.


Baditjhaba ba ahileng haeno ba tla hola, ba o phahamele, haholoholo, mme wena o tla kokobela tlasetlase.


Bamidiane ba tshwenya Baiseraele haholo, bana ba Iseraele ba ba ba tshabela diqhobong tse dithabeng, le mahaheng, le diforong ke ho tshaba Bamidiane.


Eitse Baiseraele ha ba bona tsietsi eo ba leng ho yona, kahobane setjhaba se tsietswe, ba ipata mahaheng, le merung, le mafikeng, le diqhobong, le mangopeng.


Haele banna ba Iseraele ba mose wane ho kgohlo, le ba mose wane ho Jordane, ha ba bona hobane banna ba Iseraele ba balehile, le hobane ho shwele Saule le bara ba hae, ba furalla metse, ba baleha, mme Bafilesta ba kena ho yona, ba dula teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos