Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 15:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Hobane Modimo o fela o beile tsohle katlasa maoto a hae. Mme ha ho itswe, tsohle di beilwe katlasa hae, ho a utlwahala hobane ya di beileng tsohle katlasa hae, yena ha a balwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Mangolo a re: “Tsohle Modimo o di beile katlasa maoto a hae.” Feela ha ho thwe “tsohle” ho pepenene hore ha ho balellwe le Modimo, e leng yena ya beileng tsohle katlasa Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Hobane o beile tsohle katlasa maoto a hae. Empa ha a re: Lintho tsohle li beiloe tlas’a hae, ho totobetse hore ha ho eo ea behileng lintho tsohle tlas’a hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Hobane o beile tsohle katlasa maoto a hae. Empa ha a re: Lintho tsohle li beiloe tlas’a hae, ho totobetse hore ha ho eo ea behileng lintho tsohle tlas’a hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 15:27
14 Referencias Cruzadas  

o mo laodisitse mesebetsi ya matsoho a hao; o beile tsohle katlasa maoto a hae;


a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.


Ntho tsohle di beilwe ho nna ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; hape, ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo kwahollela yena.


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


Jesu, ka ho tseba hobane Ntatae o mo neile dintho tsohle matsohong, le hobane o tswile ho Modimo, mme o ya ho Modimo,


Ntate o rata Mora, mme o mo neile dintho tsohle matsohong.


ao o sebeditseng ka wona ho Kreste, ha o mo tsosa bafung, wa ba wa mo dudisa letsohong le letona la wona, mahodimong,


Mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, a ba a mo nea Kereke, e tle e be yena hlooho dinthong tsohle.


Ke ho lefe ho mangeloi o kileng wa re, le ka mohla o le mong: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke etse bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao?


Empa yena, hobane a hlahise sehlabelo se le seng ka baka la dibe, o ituletse ka ho sa feleng letsohong le letona la Modimo,


O beile ntho tsohle katlasa maoto a hae. Mme ha ho thwe: Tsohle di beilwe katlasa hae, ha ho a leswa letho le sa bewang katlasa hae; athe ha re eso ho bone jwale hoba tsohle di beilwe katlasa hae.


ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos