Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 14:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Nka etsa jwang na? Ke tla rapela ka moya, mme le hona ke tla rapela ka kelello; ke tla bina ka moya, mme le hona ke tla bina ka kelello.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ke etse jwang? Ke tla rapela ka moya, ke be ke rapele le ka kelello. Ke tla bina ka moya, ke be ke bine le ka kelello.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Joale ke eng? Ke tla rapela ka moya, mme ke tla rapela le ka kutlwisiso;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Joale ke eng? Ke tla rapela ka moya, mme ke tla rapela le ka kutlwisiso;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 14:15
17 Referencias Cruzadas  

Hobane Modimo ke Morena wa lefatshe lohle: o roriseng ka sefela se seholo!


Jwale, ho ka etswa jwang moo? Ruri bongata bo tla phutheha; hobane ba tla utlwa hoba o fihlile.


Hobane Modimo oo ke o sebeletsang moyeng wa ka Evangeling ya Mora wa wona, ke wona paki ya ka ha ke re, ha ke lese ho le hopola,


Mme ha ho se loke ha rona ho bonahatsa ho loka ha Modimo, re tla reng moo? Na Modimo o kgopo ha o etsa ka kgalefo na?


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Ha ho le jwalo, ke reng? Na ke re, setshwantsho ke ntho na? Kapa se hlabetsweng medimo ke ntho na? Ha ke rialo.


Hobane ekare ha ke rapela ka puo, moya wa ka o a rapela, empa kelello ya ka ha e sebetse letho.


Empa kerekeng nka rata ho bolela mantswe a le mahlano feela ka kelello, ke tle ke rute ba bang le bona, ho fetisa mantswe a dikete tse leshome ka puo.


Ana ke re, ho be jwang, banabeso? Ke re: Kamehla yohle ha le phutheha, e mong le e mong ho lona o na le pesaleme, leha e le thuto, kapa puo, leha e le tshenolo, leha e le phetolo; tsohle di etsetswe kgahiso.


Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.


Ho nang? Kreste o ntse a bolelwa ka mekgwa yohle, leha e le ka boiketsiso, leha e le ka nnete; mme ke thabile ke hona, mme ke ya nne ke thabe.


Lentswe la Kreste le ikahele ho lona ka moeno, ho le hlahisetsa bohlale bohle; le nne le rutane, mme le kgothatsane ka dipesalema, le dithoko, le difela tsa moya, le ntse le binela Morena ka dipelo tsa lona, ka bokgabane.


E mong hara lona ha a le mahlomoleng, a rapele. E mong ha a thabile, a bine difela.


Empa haele lona, baratuwa, le nne le ikgahe hodima tumelo ya lona e halalelang ka ho fetisisa, mme le rapele ka Moya o Halalelang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios