Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 7:16 - Baasraak Sotho NT

16 Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa; le letsatsi le ke ke la ba chaba, leha e le mocheso ofe kapa ofe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa; ha ba sa tla hlola ba batwa ke letsatsi, leha e le ke lebatama le leng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ha ba ka ke ba hlola ba lapa kapa ba nyorwa; ha ba sa tla tjheswa ke letsatsi, kapa lebatama lefe kapa lefe,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa; le letsatsi le ke ke la ba chaba, leha e le mocheso ofe kapa ofe.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 7:16
23 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ha a na metso ka ho yena, empa o hlola ka nakwana, mme etlare ha mahlomola le hloriso di hlaha ka baka la lentswe, o a kgoptjwa hanghang.


Yare ha letsatsi le tjhaba, tsa tjhesa; mme kahobane di ne di se na metso, tsa omella.


Ho lehlohonolo ba lapetseng ho loka le ba nyoretsweng ho loka, hobane ba tla kgoriswa.


Empa ha ba na motso ka ho bona, ba ntse ba mamella ka nako e itseng feela;


Empa letsatsi ha le tjhaba, la tjhesa; mme kahobane e ne e se na metso, ya omella.


O khorisitse ba lapileng ka tse molemo; mme barui a ba kgutlisa ba le feela.


Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke tla mo nea wona, a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong; empa metsi ao ke tla mo fa wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallang ho isa bophelong bo sa feleng.


Hobane letsatsi ha le sa tjhaba ka motjheso o tjhesang, le omeletsa jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele;


Mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko: hobane tsa pele di fetile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos