Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 7:11 - Baasraak Sotho NT

11 Mangeloi wohle a ne a eme a potapotile terone, le baholo, le dibopuwa tse phelang tse nne, a itihela fatshe ka difahleho pela terone, mme a kgumamela Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme mangeloi kaofela a ne a eme a teetse terone, le baholo, le dibopuwa tse phelang tse nne hare; a ne a wa ka difahleho pela terone, a rapela Modimo,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Mangeloi wohle a neng a eme, a potapotile terone, le baholo, le dibopuwa tse nne tse phelang, a itihela fatshe ka difahleho, a kgumamela Modimo,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Mangeloi wohle a ne a eme a potapotile terone, le baholo, le dibopuwa tse phelang tse nne, a itihela fatshe ka difahleho pela terone, mme a kgumamela Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 7:11
16 Referencias Cruzadas  

Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.


hore bohle ba hlomphe Mora, jwalokaha ba hlompha Ntate. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntate ya mo romileng.


Hape, ha a tlisa Mora wa letsibolo lefatsheng, o re: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.


Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutseng ditulong tsa bona pela Modimo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba kgumamela Modimo.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena, mme a tlotlisa lebitso la hao? hobane ke wena o nnotshi o halalelang: hobane ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame pela hao; hobane dikahlolo tsa hao di bonahatswa.


Yaba o re ho nna: O se ke wa etsa jwalo, hobane ke mohlanka mmoho le wena, le wa banabeno ba baporofeta, le wa ba bolokang dipolelo tsa buka ena;


Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe pela Ya dutseng teroneng, mme ba kgumamela ya phelang ka ho sa feleng, mme ba lahlela meqhaka ya bona pela terone, ba re:


Ho ne ho potapotile terone ho ne ho na le ditulo tse mashome a mabedi a metso e mene: mme hodima ditulo tseo ka bona baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba apere diaparo tse tshweu; mme di ne di rwele meqhaka ya kgauta dihloohong.


Ka pela terone ho ne ho le lewatle la seipone le jwaloka lejwe la kristale, mme mahareng a terone, le mathokong a terone, ho le dibopuwa tse phelang tse nne, tse tletseng mahlo ka pele le ka morao.


Dibopuwa tse phelang tse nne, se seng le se seng sa tsona, se ne se na le mapheo a tsheletseng; mme di ne di tletse mahlo kahare: mme ha di phomole motshehare le bosiu, di re: O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo o matla wohle, ya neng a le teng, ya leng teng, le ya tlang ho tla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos