Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 21:6 - Baasraak Sotho NT

6 A re ho nna: Ho etsahetse. Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello. Ea nyoriloeng ke tla mo fa feela seliba sa metsi a bophelo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 A nto re: “Ho phethahetse. Ke nna Alfa le Omega, Qalo le Qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nwesa sedibeng sa metsi a bophelo a fanwang feela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 A re ho nna: Ho etsahetse. Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello. Ea nyoriloeng ke tla mo fa feela seliba sa metsi a bophelo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 21:6
26 Referencias Cruzadas  

Jesu a araba, a re ho yena: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le hore ke mang ya reng ho wena: Mphe ke nwe; o ka be o kopile ho yena, mme a ka be a o file metsi a phelang.


Mosadi a re ho yena: Morena, ha o na letho la ho kga, le sediba se botebo;


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke tla mo nea wona, a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong; empa metsi ao ke tla mo fa wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallang ho isa bophelong bo sa feleng.


ba lokafatswa ntle ho tefo ka mohau wa hae ka topollo e ho Kreste Jesu.


Yena ya sa kang a qenehela Mora wa hae, wa mpa a mo nehelana ka yena bakeng sa rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle jwang le yena?


Jwale rona ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo; re tle re tsebe tseo re di filweng ka bolokolohi ke Modimo.


Ekare ha e mong a haha hodima motheo ona ka kgauta, le silefera, le majwe a bohlokwa, le lehong, le furu, le lehlaka;


Ka hona ho se be motho ya ithorisang ka batho. Hobane tsohle ke tsa hao;


Pauluse ke mang, le Apolose ke mang, haese basebeletsi bao le dumetseng ka bona, jwalokaha Morena a neile e mong le e mong?


A re: Ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa morao, mme o re: Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o se romele ho dikereke tse supileng tse Asia; le Efese, le Smyrna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwaloka hoja ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; Ke nna wa pele le wa morao.


Ke nna Alfa le Omega, qalo le qetello, ho bolela Jehova, ya leng teng, ya neng a le teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.


Mme a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, ya hlodileng lehodimo, le tse ho lona, le lefatshe, le tse ho lona, le lewatle, le tse ho lona, hore nako e ke ke ya hlola e eba teng. nako e telele:


Lengeloi la bosupa la tshollela nkgo ya lona moyeng; mme lentswe le leholo la tswa tempeleng ya lehodimo, teroneng, le re: Ho etsahetse!


Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello, oa pele le oa morao.


Mme Moya le monyaduwa ba re: Tlo! Mme ya utlwang a re: Tlo! Le ya nyorilweng a a tle. Mme ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


Ngolla lengeloi la kereke ya Laodisea; Ke tsena tse bolelwang ke Amen, paki e tshepehang, ya nnete, qalo ya dibopuwa tsa Modimo;


Hobane Konyana e mahareng a terone e tla ba disa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a phelang, mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos