Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 16:10 - Baasraak Sotho NT

10 Lengeloi la bohlano la tshollela nkgo ya lona hodima terone ya sebata; mme mmuso wa hae wa eba lefifi; mme ba itoma maleme ka baka la bohloko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Lengeloi la bohlano la tshollela nkgo ya lona hodima terone ya sebata; yaba mmuso wa sona o ba lefifi, batho ba itoma maleme ka baka la bohloko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Lengeloi la bohlano la qhalla lefiswana la lona hodima terone ya sebatana, mme mmuso wa sona wa fifala; batho ba itoma maleme ke ho hlokofatswa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Lengeloi la bohlano la tshollela nkgo ya lona hodima terone ya sebata; mme mmuso wa hae wa eba lefifi; mme ba itoma maleme ka baka la bohloko.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 16:10
22 Referencias Cruzadas  

mme ba tla ba lahlela seboping sa mollo, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


mme ba tla ba lahlela seboping sa mollo, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Yaba morena o re ho bahlanka: Mo tlameng maoto le matsoho, le mo lahlele lefifing le kantle; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.


O tla mo kgaola dikoto, a mo bee kabelo ya hae le baikaketsi; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.


Empa bana ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle; teng ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno.


Ke moo dillo di tla ba teng, le ditsikitlano tsa meno, mohla le bonang Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le baporofeta bohle, mmusong wa Modimo, empa lona le leleketswe kantle.


Hlomphang batho bohle. Ratang boena. Tšaba Molimo. Tlotlang morena.


Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thaba ka baka la bona, ba nyakalle, ba romelane dimpho; hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba hlokofatsa ba ahileng lefatsheng.


Empa lebala le kantle ho tempele o le tlohele, o se ke wa le lekanya; hobane e neilwe Baditjhaba: mme ba tla hatakela motse o halalelang ka maoto ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


Mme ditopo tsa bona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, oo ka moya o bitswang Sodoma le Egepeta, moo le Morena wa rona a thakgisitsweng teng.


Hobane Modimo o kentse dipelong tsa tsona ho phetha morero wa wona, le ho etsa tumellano e le nngwe, le ho nea sebata mmuso wa tsona, ho fihlela dipolelo tsa Modimo di phethahala.


Mme mona ke kelello e nang le bohlale. Dihloho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi a dutseng hodima tsona.


La hoeletsa ka lentswe le matla, la re: O ole, Babylona e moholo, e fetohile setsha sa batemona, le setsha sa meya yohle e ditshila, le setshabelo sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse ilwang.


Lengeloi le matla la nka lejwe le kang lelwala le leholo, mme la le lahlela lewatleng, la re: “Babylona, motse o moholo, o tla heletswa jwalo ka matla, mme ha o sa tla hlola o fumanwa.


Lebone la lebone ha le sa tla hlola le kganya ho wena ho hang; mme lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ho wena; hobane lichaba tsohle li khelositsoe ke boloi ba hao.


Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; hoo karolo ea boraro ea tsona e ileng ea fifala, ’me motšehare ha oa ka oa chabela karolo ea boraro ea oona, le bosiu ka ho tšoanang.


Yaba o bula sekoti; mme ha hlaha mosi sekoting, jwaloka mosi wa sebopi se seholo; letsatsi le loapi tsa fifala ka ntlha ya mosi wa molete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos