Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 14:1 - Baasraak Sotho NT

1 Ka tadima, ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene, ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale, ka tadima, mme ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona, ba le dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jwale ka tadima, mme ka bona Konyana e eme hodima thaba ya Sione, e ena le ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, bao diphatleng tsa bona ho neng ho ngotswe lebitso la yona, le lebitso la Ntata yona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ka tadima, ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene, ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 14:1
30 Referencias Cruzadas  

Hape ke re ho lona: E mong le e mong ya tla ipolela pela batho, Mora motho le yena o tla bolela yena pela mangeloi a Modimo.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgopang, le lefika le kgopang;


Ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, mme hodima leru ho dutse e mong ya tshwanang le Mora motho, a rwetse moqhaka wa kgauta hloohong, mme letsohong la hae a tshwere sekele e bohale.


Ba bina sefela se setjha pela terone, le pela dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo;


Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona tempele ya tabernakele ya bopaki e bulwa lehodimong.


Ba tla bona sefahleho sa hae; mme lebitso la hae le tla ba diphatleng tsa bona.


Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa, mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha. ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka: mme ke tla ngola hodima hae lebitso la ka le letjha.


Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele leo ke ileng ka le utlwa le ne le bua le nna, le kang la terompeta; a re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho etsahala kamora tsena.


Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshehla, mme ya e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, mme Dihele tsa latela le yena. Mme ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, ho bolaya ka sabole, le ka tlala, le ka lefu, le ka dibatana tsa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos