Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 13:16 - Baasraak Sotho NT

16 Mme sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba futsanehileng, ba lokolohileng le ba makgoba, ba be le letshwao letsohong le letona la bona, kapa diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme sa etsa hore batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba fumanehileng, ba sa ruwang le ba ruilweng, ba amohele letshwao letsohong le letona la bona, leha e le phatleng tsa bona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, barui le mafutsana, balokolohi le makgoba, ba be le letshwao matsohong a bona a matona kapa diphateng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Mme sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba futsanehileng, ba lokolohileng le ba makgoba, ba be le letshwao letsohong le letona la bona, kapa diphatleng tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 13:16
26 Referencias Cruzadas  

Ka hona, kaha ke fumane thuso ho Modimo, ke ile ka ema ho fihlela letsatsing lena, ke pakela ba banyenyane le ba baholo, ke sa bue tse ding haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng di tla etsahala.


Hobane rona bohle re kolobeleditswe mmeleng o le mong ka Moya o le mong, leha re le Bajuda, leha e le Bagerike, leha re le makgoba kapa ba lokolohileng; ’me bohle re nositsoe Moeeng o le mong.


Ha ho Mojuda kapa Mogerike, ha ho lekgoba kapa motho ya lokolohileng, ha ho monna kapa mosadi, hobane kaofela le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Ho tloha jwale, ho se be motho ya ntshwenyang, hobane mmeleng wa ka ke na le matshwao a Morena Jesu.


Le ntse le tseba hore ntho e nngwe le e nngwe e molemo eo motho a e etsang, o tla e newa ke Morena, ebang ke lekgoba kapa ya sa ruilweng.


moo ho seng Mogerike kapa Mojuda, lebollo kapa ho se bolle, moditjhaba kapa Moskitha, lekgoba kapa motho ya lokolohileng, empa Kreste ke tsohle, mme o ho bohle.


Jwale jwalokaha Janese le Jambrese ba hanyeditse Moshe, le bona bana ba lwantsha nnete jwalo, e le batho ba dikelello tse bodileng, ba nyatsehang mabapi le tumelo.


Mme ditjhaba tsa halefa, mme kgalefo ya hao e tlile, le nako ya bafu ya ho ahlolwa, le hore o nee bahlanka ba hao baporofeta, le bahalaledi, le ba tshabang lebitso la hao moputso o monyenyane. le leholo; le ho senya ba senyang lefatshe.


Ka bona ho kang lewatle la seipone le tswakilweng le mollo, mme ba hlotseng sebata, le setshwantsho sa sona, le letshwao la sona, le palo ya lebitso la sona, ba eme lewatleng la seipone. ba nang le diharepa tsa Modimo.


E le hore le tle le je nama ya marena, le ya balaodi, le ya bahale, le ya dipere, le ya ba e kaletseng, le nama ya batho bohle, ba lokolohileng le ba makgoba, ba banyenyane. le e kgolo.


Sebata sa tshwarwa, hammoho le moporofeta wa bohata, ya entseng mehlolo pela sona, eo ka yona a kgelositseng ba amohetseng letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona. Bao ka bobedi ba akgelwa ba ntse ba phela letsheng la mollo o tukang sebabole.


Lentswe la tswa teroneng, la re: Rorisang Modimo wa rona, lona bahlanka ba wona bohle, le lona ba o tshabang, ba banyenyane le ba baholo.


Ka bona bafu, ba banyenyane le ba baholo, ba eme pela Modimo; mme dibuka tsa phetlwa: mme buka e nngwe ya phetlwa, e leng buka ya bophelo: mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, ho ya ka mesebetsi ya bona.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Mme dikgosi tsa lefatshe, le ba baholo, le balaodi ba mabotho, le barui, le ba matla, le mohlanka e mong le e mong, le batho bohle ba lokolohileng, ba ipata mengoting le mafikeng a dithaba.


a re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re be re tiise bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos