Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 3:7 - Baasraak Sotho NT

7 Empa Jesu a tloha le barutuwa ba hae, ba ya lewatleng, mme bongata bo boholo ba batho ba tswang Galelea le Judea ba mo latela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jesu a ikela le barutuwa ba hae, pela lewatle, mme bongata bo boholo ba mo latela, bo etswa Galelea le Judea,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Jesu a ya letsheng le barutuwa ba hae, mme letshwelehadi le tswang Galelea le Judea la mo latela;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Empa Jesu a tloha le barutuwa ba hae, ba ya lewatleng, mme bongata bo boholo ba batho ba tswang Galelea le Judea ba mo latela.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 3:7
20 Referencias Cruzadas  

Empa ha ba le hlorisa motseng ona, le balehele ho o mong;


Eitse ha Jesu a tseba, a tloha teng;


A ba laya hore ba se ke ba bolela ka yena;


Matshwele a mangata a mo latela, a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane.


A nna a rera disinagogeng tsa bona Galelea yohle, a leleka batemona.


Empa yena a tswa, a qala ho bolela haholo, le ho bolela taba eo hohle, hoo Jesu a neng a sitwa ho kena motseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle mathokong;


Letshwele la boela la bokana, hoo ba neng ba sitwa le ho ja bohobe.


A boela a qala ho ruta lebopong la lewatle, mme ha phuthehela ho yena letshwelehadi, hoo a ileng a kena sekepeng, a dula lewatleng. mme bongata bohle bo ne bo le lefatsheng pela lewatle.


Mme ba eketsa ka matla, ba re: O ferekanya batho, a ruta Judea yohle, a qala Galelea ho fihlela mona.


Matsatsing ao, a tswela thabeng ho ya rapela, mme a hlola bosiu bohle ho rapela Modimo.


A theoha le bona, a ema thoteng, le letshwele la barutuwa ba hae, le letshwelehadi la batho ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le lebopong la lewatle la Tire le Sidone, ba tlileng ho mo mamela, ho folisoa maloetse a bona;


Ba bang ba re: Enwa ke Kreste. Empa ba bang ba re: Na Kreste a ka tswa Galelea na?


Ba araba, ba re ho yena: Na le wena o tswa Galelea na? Batlisisa, mme o bone: hobane ha ho moporofeta ya hlahang Galelea.


Yaba baena ba phakisa ba romela Pauluse le Silase Berea bosiu;


Yaba baena ba phakisa ba romela Pauluse ho ya fihla lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos