Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 2:7 - Baasraak Sotho NT

7 Ke ka baka lang monna enwa a bolela dinyefolo jwalo? ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Enwa o buelang jwalo? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang motho dibe, haese Modimo o nnotshi?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “Ke ka baka lang motho eo a buang tjee? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ke ka baka lang monna enwa a bolela dinyefolo jwalo? ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?

Ver Capítulo Copiar




Mareka 2:7
15 Referencias Cruzadas  

Jwale moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: “O nyefotse; re sa hlokeng dipaki? bonang, jwale le utlwile nyefolo ya hae.


Mme bonang, ba bang ba bangodi ba re ka ho bona: Motho enwa o nyefola.


Le utlwile nyefolo; le reng? Mme bohle ba mo ahlola hore o na le lefu.


Empa ho ne ho dutse ba bang ba bangodi moo, ba nahana ka dipelong tsa bona.


Yare ha Jesu a lemoha kapele moyeng wa hae hore ba ne ba nahana jwalo ka dipelong tsa bona, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le nahana dintho tsee ka dipelong tsa lona?


Yaba bangodi le bafarisi ba qala ho nahana, ba re: Enwa ke mang ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya ka tshwarelang dibe, haese Modimo feela?


Ba ba dutseng dijong le yena ba qala ho re ka ho bona: Enwa ke mang ya tshwarelang le dibe?


Bajuda ba mo araba, ba re: Ha re o tlepetse ka baka la mosebetsi o motle; empa ka baka la nyefolo; le kahobane o le motho, o iketsa Modimo.


Le re ka yena eo Ntate a mo halaleditseng, mme a mo romela lefatsheng, o re: O a nyefola; hobane ke itse, ke Mora wa Modimo?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos