Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 11:41 - Baasraak Sotho NT

41 Le mpe le fane ka dithuso tsa dintho tseo le nang le tsona; mme bonang, tsohle di hlwekile ho lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Le mpe le fane ka dintho tsa lona, mme dintho kaofela di tla hlweka ho lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Leha ho le jwalo, fanang ka se tswang botebong ba pelo, mme bonang, tsohle di tla be di hlwekile ho lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Le mpe le fane ka dithuso tsa dintho tseo le nang le tsona; mme bonang, tsohle di hlwekile ho lona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 11:41
37 Referencias Cruzadas  

Hobane mafutsana le na le lona kamehla; empa nna ha le na ho ba le nna kamehla.


Naya ya o kopang, mme ya ratang ho adima ho wena, o se ke wa mo furalla.


Hobane ha se kene ka pelong ya hae, empa se kena ka mpeng, mme se tswelle sekgutlong, se hlwekisa dijo tsohle?


Rekisang ka tseo le nang le tsona, mme le fane ka dithuso; ikeleng mekotla e sa tsofalang, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng, le moo tshwele e sa bodiseng.


Mme nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka Mamona o sa lokang; e le hore, ha le hloleha, ba le amohele meahong e sa feleng.


Yare ha Jesu a utlwa taba tseo, a re ho yena: O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;


Sakea a ema, a re ho Morena; Bona, Morena, halofo ya thepa ya ka ke e nea bafumanehi; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke mo buseletsa hasaneng hane.


Lentswe la boela la bua le yena la bobedi, la re: Tseo Modimo o di hlwekisitseng, o se ke wa re di ditshila.


Jwale barutuwa ba rera ho romela dithuso ho baena ba ahileng Judea, e mong le e mong kamoo a neng a ka kgona kateng.


Eitse hobane ho fete dilemo tse ngata, ka tla ho isa dithuso le dinyehelo ho setjhaba sa heso.


Hobane ha pelo e ratang e le teng, ho amohelwa ho ya ka seo motho a nang le sona, e seng ka seo a se nang sona.


Ya utswang a se ke a hlola a utswa, empa ho e na le hoo, a a sebetse ka thata, a sebetse se molemo ka matsoho a hae, hore a tle a be le ho abela ya hlokang.


Ho ba hlwekileng ntho tsohle di hlwekile; empa le dikelello tsa bona le matswalo a bona di silafetse.


Empa le se ke la lebala ho etsa hantle le ho abelana, hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.


Gobane Modimo ga se yo a sa lokago ge a ka lebala modiro wa lena le lerato leo le le bontšhitšego leineng la gagwe, ka ge le hlanketše bakgethwa, le sa ba direla.


Borapedi bo hlwekileng, bo sa silafalang pela Modimo le Ntate, ke bona: ho etela dikgutsana le bahlolohadi mahlomoleng a bona, le ho ipoloka a se na letheba lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos