Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 11:13 - Baasraak Sotho NT

13 Ha ho le jwalo, ha lona, le le ba kgopo, le tseba ho nea bana ba lona dineo tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea Moya o Halalelang ho ba mo kopang?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Mme ha esita lona ba lonya, le tseba ho nea bana ba lona dintho tse molemo, Ntata lona ya lehodimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moya o Halalelang ho ba o kopang ho yena!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ha ho le jwalo, ha lona, le le ba kgopo, le tseba ho nea bana ba lona dineo tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea Moya o Halalelang ho ba mo kopang?

Ver Capítulo Copiar




Luka 11:13
30 Referencias Cruzadas  

Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.


Le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o chabisetsa ba babe le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.


Hobane ekare ha le tshwarela batho ditlolo tsa bona, Ntata lona ya mahodimong le yena o tla le tshwarela.


Ha ho le jwalo, ekare ha Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping, na a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane?


Hobane ntho tseo tsohle baditjhaba ba di batla; hobane Ntata lona ya mahodimong o a tseba hore le hloka ntho tseo tsohle.


Ha ho le jwalo, ha lona, le le ba kgopo, le tseba ho nea bana ba lona dineo tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba mo kopang tse molemo?


Kapa, ha a ka kopa lehe, a ka mo nea phepheng na?


A re ho bona: Ha le rapela, le re: Ntata rona ya mahodimong, Lebitso la hao le ke le kgethehe. ’Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.


Na Modimo o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba mo bitsang motsheare le bosiu, leha o dieha ho ba mamella?


Jesu a araba, a re ho yena: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le hore ke mang ya reng ho wena: Mphe ke nwe; o ka be o kopile ho yena, mme a ka be a o file metsi a phelang.


Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla amohela neo ya Moya o Halalelang.


Hobane ha lefu le busitse ka tshito ya motho a le mong; haholo ba amohelang bongata ba mohau le ba neo ya ho loka ba tla busa bophelong ka a le mong, e leng Jesu Kreste.


Hobane ke a tseba hoba ho nna, ke ho re, nameng ya ka, ha ho dule ntho e molemo; empa ho etsa se molemo ha ke ho fumane.


Yena ya sa kang a qenehela Mora wa hae, wa mpa a mo nehelana ka yena bakeng sa rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle jwang le yena?


Hobane le rona re kile ra ba mawatla, re sa utlwe, re kgelohile, re sebeletsa ditakatso le menyaka ya mefutafuta, re phela bobeng le mona, re le ba hloilweng, re hloyane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios