Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 1:17 - Baasraak Sotho NT

17 O tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, ho sokollela dipelo tsa bontate ho bana ba bona, le ba sa mameleng bohlaleng ba ba lokileng; ho lokisa setjhaba se lokiseditsweng Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 o tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, a tle a busetse dipelo tsa bontate baneng ba bona, le bahanyetsi bohlaleng ba ba lokileng, a tle a lokisetse Morena setjhaba se hlekehileng hantle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 O tla etella Morena pele ka moya le ka matla a kang a Elia, ho boelanya dipelo tsa bo-ntata le bana ba bona, le ba sa utlweng, maikutlong a ba lokileng, ho lokisetsa Morena setjhaba se mo lokelang.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 O tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, ho sokollela dipelo tsa bontate ho bana ba bona, le ba sa mameleng bohlaleng ba ba lokileng; ho lokisa setjhaba se lokiseditsweng Morena.

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:17
38 Referencias Cruzadas  

Mme ekare ha le rata ho di amohela, enwa ke Elia ya neng a tla tla.


Johanne o ne a re ho yena: Ha o a dumellwa hore o be le yena.


Hobane ke yena ya kileng a bolelwa ke moporofeta Esaia, ha a re: Lentswe la ya howang feelleng, le re: Hlekang mmila wa Morena, le lokise ditsela tsa hae.


Johanne yena o ne a apere seaparo sa boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhama la letlalo; mme dijo tsa hae e ne e le ditsie le dinotshi tsa naha.


Mme o tla sokollela ba bangata ba bana ba Iseraele ho Morena Modimo wa bona.


Le wena ngwana, o tla bitswa moporofeta wa Ya hodimodimo;


Ba tswetsweng, e seng ka madi, leha e le ka thato ya nama, leha e le ka thato ya monna, empa e le ka Modimo.


Mme ka bona, mme ka paka hore enwa ke Mora wa Modimo.


Le lona ka bolona le a mpontsha hore ke itse: Ha ke Kreste, empa ke romilwe ho mo etella pele.


Ka baka leo, ka phakisa ka romela ho wena; mme o entse hantle ha o tlile. Jwale, rona bohle re teng mona pela Modimo, ho utlwa tsohle tseo Modimo a o laetseng tsona.


le hore a tle a tsebise monono wa kganya ya hae hodima dijana tsa mohau, tseo a di lokiseditseng kganya pele.


le ntse le leboha Ntate ya re entseng hore re lokele ho ja lefa la bahalaledi leseding.


Ekare ha motho a itlhwekisa ho tseo, e tla ba pitsa e hlomphuwang, e kgethetsweng, e loketseng mong wa yona, e lokiseditsweng mosebetsi o mong le o mong o molemo.


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


Mme jwale, bana ba banyenyane, le nne ho yena; e le hore, mohla a hlahang, re be le tshepo, mme re se ke ra hlajwa ke dihlong pela hae, ho tleng ha hae.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos