Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jakobo 5:16 - Baasraak Sotho NT

16 Ipolelelanang ditlolo tsa lona, mme lo rapelelane, gore lo tle lo fole. Thapelo ya motho ya lokileng e na le matla a maholo ha e sebetsa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ipolelelanang ditlolo tsa lona, mme lo rapelelane, gore lo tle lo fole. Thapelo ya motho ya lokileng e na le matla a maholo ha e sebetsa.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 5:16
68 Referencias Cruzadas  

Tsohle tseo le di kopang ka thapelo le dumetse, le tla di amohela.


Ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona.


Naha yohle ya Judea le bohle ba Jerusalema ba tswela ho yena, mme a ba kolobetsa nokeng ya Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona.


Yaba ba tloha, ba ya le metse, ba bolela Evangeli, ba fodisa kahohle.


Jwale re a tseba hoba Modimo ha o utlwe baetsadibe;


Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.


Mme ba bantsi ba ba dumetseng ba tla, ba ipobola, ba bolela ditiro tsa bone.


Simone a araba, a re: Nthapelleng ho Morena, hore ke tle ke se ke ka hlahelwa ke letho la tseo le di boletseng.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ha ho ya lokileng, leha e le a le mong;


Hobane jwalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong ba bangata ba entswe baetsadibe, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla bewa ba lokileng ka kutlo ya motho a le mong.


Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopa hore le tlale tsebo ya thato ya hae ka bohlale bohle le kutlwisiso ya Moya;


Modimo wa kgotso o le halaletse kahohle; mme ke rapela Modimo hore meya ya lona yohle, le moya wa lona, le mmele wa lona, di bolokelwe, di se na sekodi, ho tle ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Bana beso, le re rapelle.


Ka tumelo Abele o hlahiseditse Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine, mme ka yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dimpho tsa hae;


Ka tumelo Noe, eitse hobane a lemoswe ke Modimo ka tse esong ho bonahale, ka tshabo, a lokisa areka ho pholosa ba ntlo ya hae; ka yona o ahlotseng lefatshe, mme a fetoha mojalefa wa ho loka ho tswang ka tumelo.


Le etseditse maoto a lona ditsela tse otlolohileng, hore se hlotsang se tle se se ke sa kgoptjwa; empa ho mpe ho fole.


Le re rapelle, hobane re tshepa hore re na le letswalo le letle, mme re rata ho phela hantle dinthong tsohle.


Ke yena ya ileng a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae sefateng, hore rona, ba shweleng ka nqeng ya dibe, re phelele ho loka;


Mme seo re se kopang re se amohela ho wona, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa tse o kgahlisang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios