Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 12:3 - Baasraak Sotho NT

3 Hobane le ele hloko ya mameletseng kganyetsano e kalo ya baetsadibe, le tle le se ke la khathala, la tepella.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le fele le lemohe ya mameletseng kganyetso e kalo ya baetsadibe, le tle le se ke la kgathala ke ho fellwa ke dipelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Nahanang ya ileng a mamella dikganyetso tse kaalokaalo tsa baetsadibe, esere la nyahama dipelo, la kgathala.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane le ele hloko ya mameletseng kganyetsano e kalo ya baetsadibe, le tle le se ke la khathala, la tepella.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 12:3
46 Referencias Cruzadas  

Mora Motho o tlile a eja, a enwa, mme ba re: Bonang, ho na le motho wa monyollo le monwi, motswalle wa balekgetho le baetsadibe. Empa bohlale bo lokafatswa ho bana ba bona.


Empa Bafarisi, ha ba utlwa, ba re: Motho enwa ha a leleke batemona, haese ka Belsebule morena wa batemona.


Ke ka baka lang barutiwa ba gago ba tshela ngwao ya bagologolo? gonne ga ba tlhape diatla tsa bone fa ba ja senkgwe.


Eitse ha a kena ka Tempeleng, ha a ntse a ruta, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ba re: “Tseo o di etsa ka matla afe? mme ke mang ya o neileng matla ao?


Empa yare ha ba batla ho mo tshwara, ba tshaba letshwele, hobane le ne le mo nka e le moporofeta.


Jwale, Bafarisi ba ya, ba rera kamoo ba ka mo tshwasang kateng ka puo ya hae.


Eitse ha a kena tlung ya e mong wa ba baholo ba Bafarisi ka tsatsi la Sabatha, ho ya ja bohobe, batho ba mo disa.


Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba korotla ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe, mme o ja le bona.


Le Bafarisi, e leng ba ratang leruo, ba utlwa tsena tsohle, mme ba mo soma.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria mmae: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng; le sesupo se se tla ganediwang;


Yaba bangodi le bafarisi ba qala ho nahana, ba re: Enwa ke mang ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya ka tshwarelang dibe, haese Modimo feela?


Ba bangata ho bona ba re: O na le modemona, o a hlanya; le mo utlwelang?


Ha a rialo, e mong wa bahlanka ya emeng moo a otla Jesu ka letsoho, a re: “Na o araba moprista e moholo jwalo na?


Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu, ba batla ho mmolaya, kahobane a ne a entse tseo ka Sabatha.


Letshwele le ne le dumaduma ka yena, hobane ba bang ba ne ba re: “O molemo; empa o kgelosa batho.


Bafarisi ba re ho yena: O a ipaka; tlaleho ya hao ha se nnete.


Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le modemona. Abrahama o shoele, le baprofeta; mme wena wa re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong.


Yaba ba nka majwe ho mo betsa; empa Jesu a ipata, a tswa tempeleng, a haola hara bona, mme a feta jwalo.


Bafarisi ba bang ba nang le yena ba utlwa taba tseo, ba re ho yena: Na le rona re difofu na?


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, le tiye, le se ke la sisinyeha, le atlehise kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela Moreneng.


Ka baka leo, ha re ena le tshebeletso eo, kamoo re hauhetsweng kateng, ha re tepelle;


Ka baka leo ha re tepelle; empa leha motho wa rona wa kantle a senyeha, motho ya ka hare o ntse a ntjhafatswa letsatsi le letsatsi.


A re se keng ra kgathala ho etsa hantle;


Empa lona, banabeso, le se ke la khathala ho etsa hantle.


Re ntse re lebile kwa go Jesu mosimolodi le mophethi wa tumelo ya rona; eo ka baka la thabo e beilweng pela hae, a mameletseng sefapano, a sa natse dihlong, mme o dutse letsohong le letona la terone ya Modimo.


Mme le lebetse kgothatso e buang le lona jwaloka bana, e reng: Mora wa ka, o se ke wa nyedisa tayo ya Morena, mme o se ke wa tepella ha a o kgalemela.


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ele hloko Moapostola le Moprista e Moholo wa tumelo ya rona, Jesu Kreste.


Enereha a hlapawa, a se ke a boela a hlapaola; mohla a hlokofatswang, ha a ka a tshosa; empa o ne a ipeile ya ahlolang ka ho loka;


O mameletse, mme o na le mamello, mme ka baka la lebitso la ka o sebeditse ka thata, mme ha o a ka wa kgathala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos