Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 10:1 - Baasraak Sotho NT

1 Hobane molao, ha o e-na le seriti sa tse molemo tse tlang ho tla, e seng sona setšoantšo sa tsona, ha o ka ke oa khona ho etsa ba atamelang ba phethehileng ka mahlabelo ao ba a hlahisang ka selemo se seng le se seng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Hobane molao erekaha o ne o na le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha, e seng sebele sa dintho, o sitilwe ruri ho phethisa barapedi ka mahlabelo a hlahiswang ka selemo se seng le se seng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Molao wa Moshe e bile seriti feela sa tse molemo tse tlang ho tla, e seng setshwantsho sa nnete sa dintho tseo. Ka mahlabelo wona ao, a nyehelwang ka selemo le selemo hoyahoile, Molao ha o ka ke wa etsa hore ba nyehelang ka wona ba phethehe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Hobane molao, ha o e-na le seriti sa tse molemo tse tlang ho tla, e seng sona setšoantšo sa tsona, ha o ka ke oa khona ho etsa ba atamelang ba phethehileng ka mahlabelo ao ba a hlahisang ka selemo se seng le se seng.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 10:1
13 Referencias Cruzadas  

Hobane seo molao o neng o sitwa ho se etsa, kahobane o ne o fokola ka nama, Modimo o ahlotse sebe nameng ka ho roma Mora wa wona ka sebopeho sa nama ya boetsadibe;


E leng seriti sa tse tlang ho tla; empa mmele ke wa Kreste.


A re atameleng ka dipelo tsa nnete, ka tumelo e tiileng, re fafaditswe dipelo ho tloswa matswalo a mabe, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


Ekare ha phetheho e ne e le teng ka boprista ba Balevi, (hobane setjhaba se amohile molao ke bona), ho ne ho sa ntse ho hlokahala jwang hore ho tsohe moprista e mong ka mokgwa wa Melkisedeke, ya sa bitsweng ka mokgwa wa Aarone?


Ba sebeletsang mohlala le moriti wa dintho tsa lehodimo, jwalokaha Moshe a laetswe ke Modimo, ha a le haufi le ho etsa tabernakele;


Empa Kreste, ha a se a tlile, e le moprista e moholo wa tse molemo tse tlang ho tla, ka tabernakele e fetisang ka boholo, e phethehileng ka ho fetisa, e sa kang ya etswa ka matsoho, ke ho re, e seng ya moaho ona;


Ka baka leo, ho ne ho loketse hore ditshwantsho tsa dintho tse lehodimong di hlwekiswe ka tsona; empa lintho tsa leholimo tsona li na le mahlabelo a molemo ho feta ana.


Leha e le hore a iketse sehlabelo hangata, jwalokaha moprista e moholo a kena sehalalelong ka selemo se seng le se seng ka madi a e seng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos