Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baefese 6:21 - Baasraak Sotho NT

21 Empa hore le lona le tsebe ditaba tsa ka, le kamoo ke phelang kateng, Tikikase, ngwaneso ya ratwang, mosebeletsi ya tshepahalang Moreneng, o tla le tsebisa tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mme ka hore le tle le tsebe le lona kamoo ke dutseng kateng, le seo ke se etsang, Tikike, ngwaneso ya ratwang, mohlanka ya tshepehang Moreneng, o tla le tsebisa tsohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Jwale, hore le tle le tsebe tsa ka, tseo ke di etsang, Tikikose ngwaneso ya ratehang, mosebeletsi ya tshepahalang wa Morena o tla le bolella tsona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Empa hore le lona le tsebe ditaba tsa ka, le kamoo ke phelang kateng, Tikikase, ngwaneso ya ratwang, mosebeletsi ya tshepahalang Moreneng, o tla le tsebisa tsohle.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 6:21
11 Referencias Cruzadas  

Mme a felehetswa ho ya fihla Asia ke Sopatere wa Berea; le ho Bathessalonika, Aristakase le Sekundo; le Gaiase wa Derbe, le Timothea; le ba Asia, Tykikase le Trofimase.


Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepahalang Moreneng, ya tla le hopotsa metsamao ya ka e ho Kreste, jwalokaha ke ruta hohle diphuthehong tsohle.


Empa ke rata ha le ka utlwisisa, banabeso, hore tse nketsahaletseng di hlahile haholo ho ntshetsa pele Evangeli;


Jwalokaha le ithutile ho Epafrase, mohlanka mmoho le rona ya ratehang, eo e leng mosebeletsi ya tshepahalang wa Kreste bakeng sa lona;


Ekare ha o hopotsa baena taba tseo, o tla be o le mosebeletsi ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlwang ka dipolelo tsa tumelo le tsa thuto e molemo, eo o e latetseng.


Ke mo rometse Tikikase Efese.


Etlare ha ke romela Artemase, kapa Tikikase, o etse ka matla ho tla ho nna Nikopolise, hobane ke rerile ho hlola mariha teng.


E seng jwaleka mohlanka, e mpe e be ya okametseng mohlanka, e le moena ya ratwang, haholoholo ho nna, empa ho wena ho fetisa hakakang ka mmele le Moreneng.


Ka Silvanase, ngwaneso ya tshepahalang, kamoo ke nahanang kateng, ke le ngoletse hakgutshwane, ke le kgothatsa, ke paka hore ona ke mohau wa nnete wa Modimo oo le emeng ho wona.


Mme le tseye bopelotelele jwa Morena wa rona e le poloko; jwalokaha le yena Pauluse, ngwanabo rona ya ratwang, a le ngoletse ho ya ka bohlale boo a bo neilweng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos