Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 3:12 - Baasraak Sotho NT

12 Ekare ha e mong a haha hodima motheo ona ka kgauta, le silefera, le majwe a bohlokwa, le lehong, le furu, le lehlaka;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ekare ha e mong a haha hodima motheo oo ka kgauta, kapa ka silefera, leha e le ka majwe a bohlokwa, le mahong, le jwang le dihlokwa,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ha ba bang, ba hahang hodima motheo ona, ba ka sebedisa kgauta, kapa silefera, kapa majwe a bohlokwa, ba bang lehong, kapa jwang, kapa lehlaka,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ekare ha e mong a haha hodima motheo ona ka kgauta, le silefera, le majwe a bohlokwa, le lehong, le furu, le lehlaka;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 3:12
33 Referencias Cruzadas  

Le ho lona ho tla hlaha banna, ba tla bua ditaba tse kgopo, ho ikhulela barutuwa hore ba ba sale morao.


Jwale, banabeso, ke a le rapela hore le ele hloko ba bakang dikgaohano le dikgopiso tse hanyetsanang le thuto eo le ithutileng yona. le ho li qoba.


Hobane ha ho motho ya ka theang motheo o mong, haese o theilweng, e leng Jesu Kreste.


Mosebetsi wa e mong le e mong o tla bonahatswa, hobane letsatsi le tla o bonahatsa, hobane o tla senolwa ka mollo; mme mollo o tla leka mosebetsi wa e mong le e mong hore na o jwang.


Hobane ha re jwaloka ba bangata ba senyang lentswe la Modimo;


Empa re lahlile tse patilweng tsa bohlola, re sa tsamaye ka mano, mme re sa tshohe lentswe la Modimo; empa ka ho bonahatsa nnete, re ipuella matswalong a batho bohle pela Modimo.


Hlokomelang, esere mohlomong motho a le tlatlapa ka bohlale ba hae, le ka thetso ya lefeela, ka ho ya ka meetlo ya batho, le ka tsa pele tsa lefatshe, e seng Kreste.


Ekare ha motho a ruta thuto esele, mme a sa dumellane le dipolelo tse phelisang tsa Morena wa rona Jesu Kreste, le thuto ya borapedi;


Empa ka tlung e kgolo, ha ho na dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa le tsa lehong le tsa letsopa; mme tse ding ke tsa hlompho, tse ding ke tse hlomphollang.


Empa batho ba kgopo le bathetsi ba tla nne ba feteletse bobeng, ba kgelohe, mme ba ntse ba kgeloha.


Ba ntse ba ithuta, mme le ka mohla ba sa kgone ho fihla tsebong ya nnete.


Hobane nako e tla tla eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho; empa ka ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokellela baruti ka ditakatso tsa bona;


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tse sa tlwaelehang. Hobane ho hotle ha pelo e tiiswa ka mohau; e seng ka dijo tse ba neng ba itshwere ka tsona ba sa kang ba ba thusa.


E le hore ho lekwa ha tumelo ya lona, e leng ya bohlokwa ho feta kgauta e timelang, leha e lekwa ka mollo, ho tle ho fihlelwe e le thoriso, le hlompho, le kganya mohla Jesu Kreste a hlahang.


Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena, ke hobane o na le ba kgomaretseng thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, hore ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


Mohaho wa lerako la wona e ne e le wa jaspere, mme motse e ne e le kgauta e hlwekileng, e kang seipone se hlwekileng.


Ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tshweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di se ke tsa bonahala; mme o tlotse mahlo a hao ka moriana wa mahlo, hore o tle o bone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos