Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 2:12 - Baasraak Sotho NT

12 Jwale rona ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo; re tle re tsebe tseo re di filweng ka bolokolohi ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Haele rona, ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo, re tle re tsebe tseo re di filweng feela ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Rona ha re a amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo, hore re tle re tsebe tseo re di filweng ke Modimo ka mohau wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Jwale rona ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo; re tle re tsebe tseo re di filweng ka bolokolohi ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 2:12
17 Referencias Cruzadas  

Jwale, ha ho sa le tsuo ho ba leng ho Kreste Jesu, ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka Moya.


Yena ya sa kang a qenehela Mora wa hae, wa mpa a mo nehelana ka yena bakeng sa rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle jwang le yena?


Empa Modimo o ikgethetse tse booatla tsa lefatshe ho soabisa tse bohlale; mme Modimo o ikgethetse tse fokolang tsa lefatshe, hore o tle o swabise tse matla;


Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, empa e seng bohlale ba lefatshe lena, leha e le ba marena a lefatshe lena a fediswang.


leha e le Pauluse, leha e le Apolose, leha e le Kefase, leha e le lefatshe, leha e le bophelo, leha e le lefu, leha e le tsa jwale, leha e le tse tlang ho tla; tsohle ke tsa hao;


E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.


Ke tseo le neng le itsamaela ho tsona mehleng e fetileng, ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka morena wa matla a sebaka, moya o sebetsang jwale baneng ba ho se mamele.


Na le lekanya hoba Lengolo le bolela lefeela, le re: Moya o ahileng ka ho rona o re honohela?


Empa lona le na le tlotso e tswang ho Mohalaledi, mme le tseba tsohle.


Empa tlotso eo le e amohetseng ho yena e dutse ho lona, mme ha le hloke hore le rutwe ke motho, le nne ho yena.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.


Yaba o re ho nna: Ditaba tsena di a tshepeha, ke tsa nnete;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos