Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 6:12 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Matsatsing ao, a tswela thabeng ho ya rapela, mme a hlola bosiu bohle ho rapela Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Matsatsing ao, a tswela thabeng ho rapela, mme a qeta bosiu a ntse a rapela Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Matsatsing ao ha etsahala hore Jesu a tswele thabeng ho ya rapela, mme a sesa bosiu a ntse a rapela Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Matsatsing ao, a tswela thabeng ho ya rapela, mme a hlola bosiu bohle ho rapela Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:12
23 Referencias Cruzadas  

Yare ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme ha a dutse, barutuwa ba hae ba tla ho yena.


Empa wena, ha o rapela, kena ka phaposing ya hao e ka hare, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.


Hosasane, ha e se e le kameso, a tsoha, a tswa, a ikela nqalong e se nang batho, a rapela teng.


Yaba o nyolohela thabeng, a bitsa bao a ba ratileng, mme ba tla ho yena.


Eitse hobane a ba phatlalatse, a tloha a ya thabeng ho ya rapela.


Mme yena a ikela feelleng, a rapela.


Mme ba tlala bohlanya; mme ba botsana hore na ba ka etsa Jesu jwang.


A theoha le bona, a ema thoteng, le letshwele la barutuwa ba hae, le letshwelehadi la batho ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le lebopong la lewatle la Tire le Sidone, ba tlileng ho mo mamela, ho folisoa maloetse a bona;


Eitse ha a ntse a rapela a le mong, barutuwa ba hae ba na le yena, mme a ba botsa, a re: Letshwele le re ke mang?


Eitse matsatsi a ka bang robedi kamora dipolelo tseo, a nka Petrose le Johanne le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela.


Eitse ha a ntse a rapela, ponahalo ya sefahleho sa hae ya fetoha, le diaparo tsa hae tsa eba tshweu, tsa benya.


Jesu a nyolohela thabeng, a dula teng le barutuwa ba hae.


Tswelelang mo thapelong, mme lo nne lo disitse mo go yone ka tebogo;


Yena mehleng ya nama ya hae, ha a ne a nyehela merapelo le merapelo ka sello se matla le ka meokgo ho ya neng a ka kgona ho mo pholosa lefung, mme a utluwa ka ho tshaba ha hae;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos