Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jakobo 3:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ke mang hara lona ya bohlale, ya nang le tsebo? a ke a bonahatse ka metsamao e metle mesebetsi ya hae ka bonolo ba bohlale.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O kae hara lona ya hlalefileng, ya rutehileng? A ke a bonahatse ka motsamao wa hae o motle mesebetsi ya hae ka mosa o tswalwang ke bohlale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Ke mang hara lona ya bohlale, ya nang le tsebo? a ke a bonahatse ka metsamao e metle mesebetsi ya hae ka bonolo ba bohlale.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 3:13
46 Referencias Cruzadas  

Jarang joko ea ka, le ithute ho ’na; hobane ke bonolo, ke ikokobeditse pelong, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.


Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Morena wa hao o tla ho wena, a le bonolo, a kaletse esele, le petsana ya esele.


Ho lehlohonolo ba bonolo, hobane ba tla rua lefatshe.


Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, mme a di etsa, o tla tshwantshwa le monna ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima lefika.


Ke bua ho le hlabisa lihlong. Na ho joalo, ha ho se motho ea bohlale har’a lōna na? Che, ha ho le ea mong ea ka ahlolang pakeng tsa banab’abo?


Jwale, nna, Pauluse, ke a le rapela ka bonolo le bonolo ba Kreste, eo ke leng bonolo hara lona ha ke le teng, empa ha ke le siyo, ke le sebete mabapi le lona.


Ka baka leo, le ba bontše pontsho ya lerato la lona le ya boithoriso ba rona ka baka la lona pela dikereke.


bonolo, le boitshwaro: ha ho molao o hananang le tse jwalo.


Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna ba moea, le mo tsose ka moea o mosa; o itebele, o tle o se ke wa lekwa le wena.


Empa e mong le e mong a ke a leke mosebetsi wa hae, mme ke moo a tla ba le thabo ka ho yena a nnotshi, e seng ho e mong.


Ka boikokobetso bohle le bonolo bohle, le mamello, le mamellana ka lerato;


Feela hore metsamao ya lona e be kamoo e tshwanelang Evangeli ya Kreste kateng, hore leha ke tla ho le bona, leha ke se ke le siyo, ke utlwe ditaba tsa lona, hore le eme le tiile moyeng o le mong, ka kgopolo e le nngwe le lwanela tumelo ya Modimo evangeli;


Ka baka leo, le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, le apare pelo tsa mehauhelo, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le mamello;


Ho se be motho ya nyedisang botjha ba hao; o mpe o be mohlala ho badumedi, ka dipolelo, ka metsamao, le leratong, le tumelong, le hlwekong.


Empa wena, monna wa Modimo, o balehe dintho tsena; mme o latele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le bonolo.


O laye ka bonolo ba hanyetsang; ha ekaba mohlomong Modimo o tla ba nea pako e isang tsebong ya nnete;


ba se ke ba nyefola motho, ba se ke ba rata diqabang, ba mpe ba be bonolo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle.


A metsamao ya lona e be e hlokang ho chacheha ka mohono; mme le kgotsofale ke tseo le nang le tsona;


Ka baka leo, lahlang ditshila tsohle le bokgopo bo bongata, mme le amohele ka bonolo lentswe le hlomilweng, le kgonang ho pholosa meya ya lona.


Ee, motho a ka re: Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi; mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.


Bana beso, le se ke la ba baruti ba bangata, le ntse le tseba hobane re tla fumana kahlolo e fetisang ka boholo.


Empa bohlale bo tswang hodimo, pele bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo bonolo, bo tletse mohau le ditholwana tse molemo, ha bo na leeme, ha bo na boikaketsi.


Empa jwaloka ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong yohle ya ditsamaiso;


Le be le metsamao e metle hara baditjhaba, hore, leha ba le bua hampe, ba re le le baetsadibe, ba tle ba tlotlise Modimo ka letsatsi la kahlolo ka mesebetsi ya lona e metle, eo ba e bonang.


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


Empa e be motho ya ka sephiring, wa pelo, ka kgabo e sa boleng, ya moya o bonolo, o bonolo, eo e leng ya bohlokwa mahlong a Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos