Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 8:4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 ba re rapella ka dikopo tse ngata hore re amohele mpho eo, mme re kopanele tshebeletsong ya bahalaledi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba re qopheletse ka merapelo e mengata, hore re no amohela ketso eo ya mohau le ho kena ha bona dithusong tse etsetswang bahalaledi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Di re qopheletse hore di dumellwe ho kenya letsoho thusong ya badumedi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 ba re rapella ka dikopo tse ngata hore re amohele mpho eo, mme re kopanele tshebeletsong ya bahalaledi.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 8:4
27 Referencias Cruzadas  

E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahobane e le morutuwa, kannete ke re ho lona: A ke ke a timellwa ke moputso wa hae le ka mohla o le mong.


Hobane e mong le e mong ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena ngwaneso, le kgaitsedi ya ka, le mme.


Morena o tla araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Erekaha le etseditse e mong wa bana beso ba banyenyane bana, le entse ho nna.


Hobane bafumanehi le na le bona kamehla, mme le ka ba etsetsa hantle neng kapa neng ha le rata, empa nna ha le na nna kamehla.


Jwale barutuwa ba rera ho romela dithuso ho baena ba ahileng Judea, e mong le e mong kamoo a neng a ka kgona kateng.


Eitse hobane a kolobetswe, le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ekare ha le mpone ke le ya dumetseng ho Morena, kenang tlung ya ka, le hlole teng. Mme a re qobella.


Eitse hobane ho fete dilemo tse ngata, ka tla ho isa dithuso le dinyehelo ho setjhaba sa heso.


Ke tle ke lopollwe ho ba sa dumeleng ba Judea; le hore tshebeletso ya ka ya Jerusalema e tle e amohelwe ke bahalaledi;


Haele mabapi le koleke ya bahalaledi, jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia, le etse jwalo le lona.


Bana beso, ke a le rapela: Le a tseba ba ntlo ya Setefanase hore ke dithakangwaha tsa Akaya, le hoba ba ikahetse tshebeletso ya bahalaledi;


Hobane ha e le tabeng ya ho sebeletsa bahalaledi, ha ho hlokahale hore ke le ngolle, ke re:


Feela ba ne ba batla hore re hopole mafutsana; sona seo le nna ke neng ke labalabela ho se etsa.


Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, haholo ba ntlo ya tumelo.


O bolelwa hantle ka mesebetsi e molemo; haeba a holisitse bana, haeba a amohetse basele, haeba a hlatsoitse maoto a bahalaleli, haeba a thusitse ba mahlomoleng, haeba a latetse ka hloko mesebetsi eohle e molemo.


Gobane Modimo ga se yo a sa lokago ge a ka lebala modiro wa lena le lerato leo le le bontšhitšego leineng la gagwe, ka ge le hlanketše bakgethwa, le sa ba direla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos