Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 4:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme rona re bahlanka ba lona ka baka la Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme haele rona, re ipolela hore re bahlanka ba lona, ka baka la Jesu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ha re ipoledise, re mpa re bolela hore Jesu Kreste ke Morena, le hore rona re basebeletsi ba lona ka baka la Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme rona re bahlanka ba lona ka baka la Jesu.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 4:5
39 Referencias Cruzadas  

Empa lona, le se ke la bitswa Rabi, hobane Monghadi wa lona o mong, e leng Kreste; mme lona bohle le bana ba motho.


Haele nna, ke le kolobetsa ka metsi pakong;


Ya ipuellang o ipatlela thoriso;


Lentswe leo Modimo a le rometseng ho bana ba Iseraele, a bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng yena Morena wa bohle.


Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebe ruri hore Jesu eo le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Kreste.


Yena eo Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la wona le letona, hore e be Mmusi le Mopholosi, ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Empa rona re bolela Kreste ya thakgisitsweng, ho Bajuda ke kgopiso, ho Bagerike ke booatla;


Jwalokaha le nna ke kgahlisa batho bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se molemo ho nna, empa se molemo ho ba bangata, hore ba tle ba bolokehe.


Ka baka leo, ke le tsebisa hore ha ho motho ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka reng: Jesu o rohakilwe, mme ha ho motho ya ka reng: Jesu ke Morena, ha e se ka Moya o Halalelang.


Motho wa pele o tswa lefatsheng, ke wa mobu; motho wa bobedi ke Morena ya tswang lehodimong.


Hobane ke rerile ho se tsebe letho hara lona, haese Jesu Kreste, le yena ya thakgisitsweng.


Hobane leha le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, bontata lona ha ba bangata;


Empa ho rona Modimo o mong feela, e leng Ntata rona, eo dintho tsohle di tswang ho yena, le rona re ho yena; le Morena a le mong, Jesu Kreste, eo dintho tsohle di leng ka yena, le rona re ka yena.


Hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, ya boletsweng hara lona ke rona, nna le Silefano le Timothea, ha a ka a eba e le tjhe, empa e ne e le E ho yena.


Eseng hore re rena hodima tumelo ya lona, empa re le bathusi ba thabo ya lona, hobane le eme ka tumelo.


Hobane, banabeso, le bileditswe tokolohong; feela le se ke la sebelisa tokoloho molemong oa nama, empa le sebeletsane ka lerato.


Ba bang ba bolela Kreste ka mohono le ka kgang; mme ba bang le bona ka boithatelo bo botle.


le hore maleme wohle a bolele hore Jesu Kreste ke Morena, tlotlisong ya Modimo Ntate.


Ka baka leo, ke mamella tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.


Ba melomo ya bona e tla thijwa, e leng ba heletsang matlo kaofela, ka ho ruta tse sa tshwanelang, ka baka la leruo le ditshila.


Ka baka la ho chacheha ka mohono, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos