Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 3:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Hobane tshebeletso ya kahlolo ha e ka ba le kganya, tshebeletso ya ho loka e tla fetisa kganya ka ho fetisa hakakang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane tshebeletso ya tsuo ha e bile le kganya, haholoholo tshebeletso ya ho loka e fetisa ka kganya hakakang!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Haeba tshebeletso e isang kahlolong e bile le tlotla, tshebeletso e isang ho lokeng e tla ba le tlotla e kgolo haholo hakaakang!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Hobane tshebeletso ya kahlolo ha e ka ba le kganya, tshebeletso ya ho loka e tla fetisa kganya ka ho fetisa hakakang.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 3:9
23 Referencias Cruzadas  

O ile a amohela pontsho ya lebollo, e le tiiso ya ho loka ha tumelo eo a neng a ena le yona pele a eso bolle, hore e tle e be ntata bohle ba dumelang, leha ba eso bolle; e le hore le bona ba ka ballwa ho loka.


Empa lona le ho Kreste Jesu, ya re etseditsweng bohlale bo tswang ho Modimo, le ho loka, le kgalaletso, le topollo ho rona.


Khanya ya letsatsi ke esele, le kganya ya kgwedi ke esele, le kganya ya dinaledi ke esele; hobane naledi e fapane le naledi e nngwe ka kganya.


Tshebeletso ya Moya e ke ke ya ba le kganya e fetisang jwang?


Hobane ya sa kang a tseba sebe o mo entse sebe bakeng sa rona; re tle re etswe ho loka ha Modimo ho yena.


Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.


Mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.


Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla ba amohetseng tumelo ya bohlokwa, e tshwanang le ya rona ka ho loka ha Modimo le Mopholosi wa rona Jesu Kreste:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos