Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Timothea 4:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ba iletsa batho ho nyala, ba re ho ilwe dijo, tseo Modimo o di entseng hore di amohelwe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 ba tlang ho hana ha batho ba nyala, ba tla re, ho tshajwe dijo tseo Modimo o di bopileng hore ba dumetseng, ba tsebang nnete, ba di amohele ka teboho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ba iletsa batho ho nyala, ba re ho ilwe dijo, tseo Modimo o di entseng hore di amohelwe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 4:3
30 Referencias Cruzadas  

Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha, a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba abela matshwele.


Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho; empa se tswang molomong ke sona se silafatsang motho.


A nka mahobe a supileng le dihlapi, a leboha, a di ngwatha, a di nea barutuwa ba hae, barutuwa ba abela matshwele.


Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


(Leha ho le jwalo, ho ile ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le moo ba jeleng bohobe, ka mora hore Morena a lebohe.)


Hoba a rialo, a nka bohobe, mme a leboha Modimo pontsheng ya bona kaofela, mme ha a bo ngwatha, a qala ho ja.


Hobane mmuso wa Modimo hase ho ja le ho nwa; empa ho loka, le kgotso, le thabo ka Moya o Halalelang.


Ya jang a se ke a nyedisa ya sa jeng; mme ya sa jeng a se ke a ahlola ya jang, hobane Modimo o mo amohetse.


Ya hlomphang letsatsi, o le hlompha ka baka la Morena; mme ya sa hlompheng letsatsi, ha a le hlomphe ka baka la Morena. Ea jang o jela Morena, hobane o leboha Molimo; mme ya sa jeng ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo.


Dijo ke tsa mpa, le mpa ke ya dijo; empa Modimo o tla di fedisa hammoho le tsona. Jwale mmele ha se wa bohlola, empa ke wa Morena; le Morena bakeng sa mmele.


Empa ha o ka nyala, ha o a etsa sebe; le morwetsana ha a ka nyalwa, ha a etse sebe. Leha ho le jwalo, ba jwalo ba tla ba le bothata nameng;


Empa dijo ha di re atamele pela Modimo; leha re sa je, ha re je.


Ka baka leo, ho se be motho ya le ahlolang ka dijo, kapa ka dino, kapa mabapi le matsatsi a phomolo, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Sabatha.


Eng kapa eng eo le e etsang ka lentswe kapa ketso, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha Modimo le Ntate ka yena.


Ke yena ya ratang hore batho bohle ba bolokehe, mme ba fihle tsebong ya nnete.


Hobane sebopuwa se seng le se seng sa Modimo se molemo, mme ha ho letho le ka lahlwang, ha le amohelwa ka teboho.


Ka baka leo, ke rata hore basadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba tsamaise malapa a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka sa ho nyefola.


Lenyalo le ke le hlomphehe ho bohle, le diphate di hloke ditshila; empa Modimo o tla ahlola dihlola le bafebi.


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tse sa tlwaelehang. Hobane ho hotle ha pelo e tiiswa ka mohau; e seng ka dijo tse ba neng ba itshwere ka tsona ba sa kang ba ba thusa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos