Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 4:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona le bahlomphehi, empa rona re a nyatseha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Rona, re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona, le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona, le a bokwa, empa rona, re a kgeswa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Rona re dithoto ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ka ho ba ho Kreste. Rona re a fokola, empa lona le matla. Lona le a hlomphuwa, empa rona re a hlomphollwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona le bahlomphehi, empa rona re a nyatseha.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 4:10
38 Referencias Cruzadas  

Mohlang oo ba tla nehelana ka lona mahlomoleng, ba le bolaye, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.


Ho lehlohonolo lona, ha batho ba le rohaka, ba le hlorisa, ba le bua bobe bohle ka bohata ka baka la ka.


Ya le utlwang o a nkutlwa; mme ya le nyatsang, o a nyedisa nna; mme ya nnyatsang, o nyedisa ya nthomileng.


A bua setshwantsho sena ho ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang.


Ho lehlohonolo lona, ha batho ba le hloya, mme ba le arola ho bona, ba le nyedisa, ba lahla lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora motho.


Jwale bafilosofe ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba qala ho hanyetsana le yena. Ba bang ba ne ba re: “Mobereri eo o tla reng? ba bang ba re: Eka eka ke mmoledi wa medimo esele;


Eitse ha ba utlwa ka tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re tla boela re o utlwe ka taba ena.


Eitse ha a ipolella tsena, Festuse a phahamisa lentswe, a re: Pauluse, o a hlanya; thuto e ngata ea o hlanyetsa.


Hobane ke tla mmontsha hore na o tshwanetse ho hlokofatswa jwang ka baka la lebitso la ka.


Hobane erekaha, bohlaleng ba Modimo, lefatshe ka bohlale ba lona le sa ka la tseba Modimo, ho kgahlile Modimo ka booatla ba molaetsa o molemo ho pholosa ba dumelang.


Empa rona re bolela Kreste ya thakgisitsweng, ho Bajuda ke kgopiso, ho Bagerike ke booatla;


Hobane bothoto ba Modimo bo bohlale ho feta batho; mme bofokodi ba Modimo bo matla ho feta batho.


Ka baka leo, ya lekanyang hore o sa eme, a a iponele, esere a wa.


Empa motho wa nama ha a amohele dintho tsa Moya wa Modimo, hobane ke bohlanya ho yena;


Ke bile hara lona ka bofokodi, le tshabo, le thothomelo e kgolo.


Ho se be motho ya ithetsang. Ekare ha e mong hara lona a ipona a le bohlale lefatsheng lena, a e be lewatla, hore a tle a hlalefe.


Ke le fepile ka lebese, e seng ka dijo, hobane le ne le eso ho kgone ho mamella, leha e le hona jwale le ka se kgone.


Jwale le kgotshe, jwale le ruile, le busitse le le marena kantle ho rona;


Hobane ba re: Mangolo a hae a boima, a matla; empa ha a le teng ka nama, o a fokola, le puo ya hae ke e nyatsehang.


Hobane le mamella mawatla ka thabo, le lona le le bohlale.


Ke mang ea fokolang, ’me ’na ke sa fokole? ke mang ea khopehang, ’me ’na ke sa che?


Hobane re a thaba, ha rona re fokola, mme lona le le matla;


Kahoo lefu le sebetsa ho rona, empa bophelo bo sebetsa ho lona.


Ka hlompho le ho se hlomphehe, ka botumo bo bobe le botumo bo botle;


Ka baka leo, ya nyatsang ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, wona o re neileng Moya o Halalelang wa wona.


Haeba le nyediswa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya le wa Modimo o dutse hodima lona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos